Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 8:19 - BIBELE

19 Utlwang sello sa tjhaba sa ka se naheng e hole: “Na Morena ha a sa le teng Sione? Na Kgosi ya Sione ha e sa le yo moo?” Morena a re: “Ba nkgalefiseditseng ka medimo ya bona ya bohata, le ka medimo ya mafeela, medimo ya baditjhaba?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Utlwang lentswe la pokollo ya moradi wa setjhaba sa ka le tswang lefatsheng le hole: Na Jehova ha a sa le Sione? Na Morena wa hae ha a sa le ho yena na? Ba nkgalefisitse keng ka ditshwantsho tsa bona tse betlilweng, ka masawana a ditjhaba?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 8:19
35 Referencias Cruzadas  

Morena a ke a bokwe ke ba Sione, yena ya ahileng Jerusalema. Haleluja!


Mabopong a dinoka tsa Babilona, re ne re dutse re lla, ha re hopola Sione.


Morena o busa kamehla yohle; Modimo wa hao, Sione, ke wa meloko yohle. Haleluja!


Iseraele a ke a thabe, a thabele Mmopi wa hae, bana ba Sione ba nyakallele Kgosi ya bona.


Ke bea moya wa ka matsohong a hao; o ntopolotse Morena, Modimo ya tshepahalang.


Jo! tjhaba sa baetsadibe se tletseng bokgopo! Tloholo tsa ba kgopo, bana ba bodileng! Ba furaletse Morena, ba nyedisitse Ya Halalelang wa Iseraele, ba fela ba mo furaletse.


Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.”


A tswa naheng e hole, pheletsong tsa lehodimo, Morena o tla ka dihlomo tsa kgalefo ya hae, hore fatshe lohle a tle a le timetse.


Morena ke yena moahlodi wa rona, Morena ke yena ya re beelang molao, Morena ke yena kgosi ya rona, Morena ke yena ya tla re pholosa.


Yaba moporofeta Esaya o fihla ho kgosi Hesekiya, o re ho yena: “Banna baa ba itseng? Ba itse ba tswa kae?” Hesekiya a araba, a re: “Ba tlile ho nna ba etswa naheng e hole, Babilona.”


Tsoha! Tsoha! O matlafale wena Sione! Wena Jerusalema, motse o halalelang, apara aparo tsa hao, aparo tse majabajaba, maqai le ba sesila ba ke ke ba hlola ba kena, ba kena ho wena.


Ke mafeelafeelane, ke ntho tsa ho nyediswa, ha tsatsi la kahlolo ya yona le fihla e tla timela!


“Na o fela o lahlile Juda ho hang? na o fela o se o nyonya Sione? Ke hobaneng ha o re otlile, re se na pheko? Re ne re lebeletse kgotso, empa molemo ha re o fumane; re ne re lebeletse nako ya ho fodiswa, empa re bona ditsietsi feela!


Ke hobaneng o kang motho ya tsielehileng? O kang senatla se sitwang ho re pholosa? Oho, Morena, wena o hara rona, wena o itse re setjhaba sa hao; oho, se re furalle ke hona!


Morena o bua tjena: “Baholoholo ba lona ba bone kgopo ba ka e le bofe, ha ba ile ba mphuralla, ba mathelaka mafeela, mme jwale ba fetohile mafeela?


Ba le porofetela leshano, hore le tle le iswe hole le naha ya lona, nna ke tle ke le leleke, ebe le a timela.


Tsatsi le a tla la hore balebedi ba hlabe mokgosi, ba o hlabe ba le thabeng ya Efraime, ba re: ‘Emang lona, re nyoloheleng Sione, re nyoloheleng ho Morena, Morena Modimo wa rona.’ ”


“Bana ba Iseraele le bana ba Juda ba entse bobe feela mahlong a ka ho tloha botjheng ba bona. Bana ba Iseraele ba nkgalefisitse ka mosebetsi wa matsoho a bona,” ho rialo Morena.


Empa na ba utlwisa nna bohloko? ho rialo Morena. Na hase bona ba ikutlwisang bohloko, ba tla hlajwa ke dihlong?


Setjhaba sa re: “Nako ya ho kotula e se fetile, hlabula le lona le se le fedile, empa rona ha re eso pholoswe.”


Ke tla ba qhalanyetsa hara baditjhaba, bao batho bana, esita le bo-ntata bona, ba sa kang ba ba tseba. Ke tla ba fekefa ka sabole ho fihlela ke ba timetsa.”


“Bolelele ba lerako leo, ho potoloha motse, e tla ba dimethara tse dikete tse robong. “Ho tloha mohlang oo, lebitso la motse e tla ba: MORENA O TENG MONA.”


Mang le mang ya tla rapela Morena o tla pholoswa, hobane Thabeng ya Sione, motseng wa Jerusalema, pholoho e tla ba teng, jwalokaha Morena a boletse, bakeng sa masalla ao Morena a a bitsang.


Ke tla tshwarela tjhaba sa ka, ke se tshwarele dibe tsa sona, dibe tseo ke neng ke eso se tshwarele tsona. Nna Morena, ke tla aha Sione!”


“Ba phonyohileng ba tla ba thabeng ya Sione, yona e be sebaka se halalelang; ba ntlo ya Jakobo ba je lefa la bona.


Jwale wena o llelang hakaale? Na ebe wena ha o na kgosi? Na moeletsi wa hao o timetse, ha e le moo o utlwa bohloko, bohloko bo kang, ba mahlaba a pelehi?


Morena o fedisitse kahlolo ya hao, o timeditse le tsona dira tsa hao. Morena, Kgosi ya Iseraele, o na le wena, ha o ka ke wa tshoha koduwa.


Ke tla otlollela letsoho la ka hodima bona, mme ba tla lobelwa ke ba kileng ba ba sebeletsa. Ke hona le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme.


ba re: “Banna, le etsetsang jwalo? Le rona re batho jwaloka lona. Re le bolella molaetsa o molemo, e le hore le furalle mafeela ana, le sokolohele ho Modimo ya phelang, ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona.


Mohlang hoo ho etsahalang, ke tla se halefela haholo, ke se furalle, ke se patele sefahleho sa ka. Se tla timela, se hlahelwe ke bomadimabe bo tshabebang le ditsietsi tse ngata. Mohlang oo se tla re: ‘Na hase hobane Modimo wa rona a le siyo kahara rona, ha e le moo re hlahelwa ke bomadimabe boo?’


“Ngolla moruti wa kereke e Efese, o re: “Tsena di bolelwa ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos