Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 7:21 - BIBELE

21 “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Kopanyang dinyehelo tsa lona tsa setjheso le mahlabelo a lona, ebe le ja nama eo!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le ka mpa la ekeletsa mahlabelo a lona ka ditjheso tsa lona, la nna la ja nama ya tsona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 7:21
9 Referencias Cruzadas  

Ha ke o nyatsetse mahlabelo a hao, hobane ha o kgaotse ho nnyehella ka ditjheso.


Ha o a ntlisetsa konyana tsa setjheso, leha e le ho ntlhompha ka mahlabelo a hao. Ha ke a ka ka o imetsa ka ho batla nyehelo tsa dijo, kapa ka o kgathatsa ka ho o kopa mokubetso.


Leha se ka itima dijo, nke ke ka mamela sello sa sona; leha se ka etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dino, tsena nke ke ka di amohela. Empa ke tla se timetsa ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.”


Mokubetso o tswang Sheba o ntlisetsa molemo ofe? Wa ntshwe e tswang naheng tse hole wona ke ofe? Nyehelo tsa lona tsa setjheso ha di amohelehe, le mahlabelo a lona ha a nthabise.”


Ka baka leo, ere ho sona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Le ja nama e eso ka e fopha madi; le tshepile medingwana ya lona, le tsholla madi; jwale naha ee e ka ba ya lona jwang?


Ba nketsetsa dinyehelo, nyehelo tsa mahlabelo, ba itjella nama eo ya mahlabelo, empa ho nna Morena, ha a amohelehe. Ke tla hopola bokgopo ba bona, ke ba otlele dibe tsa bona, ke ba kgutlisetse naheng ya Egepeta.


Le nyehele ka nyehelo ya lona ya setjheso, le ka nama, le ka madi, hodima aletare ya Morena Modimo wa lona. Madi a tse hlabilweng tsa lona le a qhalle kahodima aletare ya Morena Modimo wa lona, empa nama yona le e je.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos