Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 7:12 - BIBELE

12 “ ‘Hona jwale eyang sebakeng sa ka se Shilo, moo ke neng ke qale ho etsetsa Lebitso la ka Leaho teng, le bone seo ke neng ke se etse sebakeng seo ka baka la bokgopo ba setjhaba sa ka sa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Le mpe le ye leahong la ka le neng le le Silo, moo ke neng ke beile lebitso la ka pele, mme le bone seo ke se entseng ho lona ka baka la bolotsana ba setjhaba sa ka sa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 7:12
13 Referencias Cruzadas  

ke tla falatsa Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona. Ntlo ena, eo ke e halaleditseng ho tlotla lebitso la ka, ke tla e furalla, mme Baiseraele e tla ba sesomo le pale hara ditjhaba tsohle.


nna ke tla etsa hore Tempele ena e tshwane le Shilo, motse ona o rohakehe mahlong a ditjhaba tsohle tsa lefatshe.’ ”


Ka baka leo, seo ke ileng ka se etsa Shilo, ke tla se etsa Tempeleng ena e bitswang ka lebitso la ka, eo le e tshepang, le sebakeng sena seo ke neng ke se nee lona le baholoholo ba lona.


Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.


Empa le tla batla sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha merabeng yohle ya lona, e leng sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla ba ho sona, a dule ho sona. Le ye sebakeng seo.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo.


Joshua a ba abela yona ka lotho, a le Shilo, kapele ho Morena. Joshua a arolela bana ba Iseraele naha eo, ho ya ka merabe ya bona.


Ka nako yohle, eo Tente ya Modimo e neng e le Shilo ka yona, ba kgumamela setshwantsho seo Mmika a iketseditseng sona.


Ka selemo se seng le se seng monna eo o ne a ye a tlohe motseng wa habo, a ye Shilo ho ya kgumamela Morena wa mabotho, le ho mo etsetsa sehlabelo. Bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, e ne e le baprista ba Morena.


A boela a re: “Tlotla e tlohile ho Baiseraele, hobane ho hapilwe areka ya Modimo!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos