Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 6:6 - BIBELE

6 Morena wa mabotho o bua tjena: “Remang difate, le hahe metero, le etsetse Jerusalema thibella. Ona motse o lokelwa ke kotlo, kahare ho wona ho tletse kgatello.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hobane Jehova wa makgotla o re: Remang difate, le tsosetse Jerusalema tutudu; ke oo motse o tshwanetseng ho kgalemelwa; kahare ho wona ho tletse botubo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 6:6
15 Referencias Cruzadas  

“Ka baka lena, Morena ha a bua ka kgosi ya Asiria, o re: “ ‘Kgosi eo e ke ke ya kena, ya kena ho ona motse, e ke ke ya o fula ka metsu, kapa ya o futuhela e tshwere thebe, kapa ya o hahela marako a thibella.


Kamehla ha ke bua ke ye ke howe, ke meketse, ke re: “Moferefere le timelo!” Ka dinako tsohle ke a songwa, ke a nyatsuwa, ka baka la ho bolela lentswe la Morena.


“Mahlo a hao le pelo di buswa ke meharo ya hao, di buswa ke ho tsholla madi a se na molato, di buswa ke kgatello le tlhokofatso ya batho.”


“Bonang, ho se ho hahilwe marako a etsetsang motse ona thibella, hore o tle o haptjwe. Ho se ho neelanwe ka motse ona matsohong a Bakalatiya ba o futuhetseng, mme ka baka la sabole sekoboto le lefu la sewa, o tla wela matsohong a bona. Seo o ileng wa se bolela se phethahetse, mme le wena o a se bona.


“Ho tloha mohla ba hahang motse ona ho fihlela kajeno, haesale motse ona o mphephetsa hore ke halefe, ke lolome ke bohale, mme jwale ke rerile ho o timetsa;


Modimo wa Iseraele o bua tjena ka matlo a motse ona, le ka matlo a dikgosi tsa Juda, a tla heletswa hore ho hahwe lerako le thibelang ba futuhetseng motse ona ka disabole,


Ka kgwedi ya leshome ya selemo sa borobong sa puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema ka mabotho a hae wohle, a e etsetsa thibella.


Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka?


Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka?


Motse ona o o etsetse thibella, o hahe marako ho o potapota, o hahe ditora, o hlome diahelo tsa ntwa, mme o bee ditshetlo.


Morena Modimo o bua tjena: “Ena ke yona Jerusalema, eo ke e beileng bohareng ba ditjhaba, e potapotilweng ke dinaha.


Kgosi ya Siria e tla fihla e hahe marako a phahameng ho potapota metse e haheleditsweng, mme e e hape. Bahlabani ba Egepeta ba ke ke ba ema kapele ho kgosi ya Siria, esita le mokgetho wa Egepeta o tla fellwa ke matla.


O madimabe motse wa Jerusalema, motse wa batlatlapi, motse wa bafetohedi o silafetseng!


O tla fihlelwa ke matsatsi, ao ka wona dira tsa hao di tla o etsetsa thibella, di o teele hare, di o patise kahohle,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos