Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 6:26 - BIBELE

26 “Lona tjhaba sa ka, aparang tse mahwashe, le be le ipitike hara molora; le lle se bohloko sa mmokotsane, le lle jwalokaha eka le llela mora ya mong, hoba motimetsi o tla futuha, a futuhe ka ho tsometsa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Moradi wa setjhaba sa ka, o itlame ka lesela le mahwashe, o pitike moloreng; o itelele jwalokaha ho llelwa ya tswetsweng a nnotshi, ka dillo tse bohlokohloko, hobane mosenyi o ya re tlela ka sehloho.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 6:26
42 Referencias Cruzadas  

Jwale a tloha, a ya dula a lebane le yena, a le bohole bo lekanang le ba ho beba ha motsu wa seqha ha o betswa, hobane o ne a re: “Ha ke rate ho bona ha moshanyana a eshwa.” Ha a ntse a dutse malebana le yena jwalo, moshanyana a bokolla habohloko.


Tsebe tsa hae di tlala medumo e tshosang, haeka tsohle di ya hantle batupi ba mo hlasele.


Jobo a nka lengetana, a ya dula thotobolong, a ikgwabitla ka lona.


Ka tsatsi leo Morena, Morena wa mabotho, a le bitsa, a le bitsetsa ho lla le ho ba bofifing, ho beola moriri le ho apara tse mahwashe.


Ka baka leo, ke ile ka re: “Se keng la ntjheba, ke lle sa mmokotsane; se ikgathatseng ka ho ntshedisa, ha moradi wa tjhaba sa heso a timeditswe.”


Bakeng sa monko o monate ho tla nkga phu! Bakeng sa senyepa e be lerapo, bakeng sa moriri o lohilweng ba phumohe mafatla, bakeng sa aparo tse ntle e be tse mahwashe, bakeng sa fahleho tse borethe e be tse mabadi.


bokgopo bona bo tla ka lerako le phahameng, le seng le petsohile, le hlephile, le helehang ka ho panya ha ntshi.


Thothomelang, lona basadi ba iketlileng! Tlakaselang, lona barwetsana ba itshepileng! Hlobolang aparo tsa lona, itlameng matheka ka tse mahwashe!


Maralla wohle a lehwatateng a nyeunya basenyi, hobane sabole ya Morena e tla timetsa tsohle, e timetse dipheletso tsohle tsa lefatshe, ha ho le ya mong ya tla phela ka kgotso.


Empa haeba le ke ke la mamela, ke tla llela boikgohomoso ba lona sephiring, mahlo a ka a keleketle dikeledi, hobane mohlape wa Morena o tla bo thopilwe.


“Ka baka leo, o tlo se bolelle mantswe ana: “ ‘Mahlo a ka a ke a keleketle dikeledi, di keleketle bosiu le motsheare, di keleketle di se ke tsa kgaotsa, hoba moradi wa morwetsana, e leng tjhaba sa ka, o qhemeditswe, a etswa ditsekana, maqeba a hae ha a ka ke a fola.


Ke tla eketsa bahlolohadi hara setjhaba sena, ba ngatafale ho feta hlabathe la lewatle. Hara mpa motsheare ke tla tlisa motimetsi, a timetse basadi ba tswetseng bahlankana, hanghang tshabo le thothomelo di ba wele hodimo.


Ba tlisetse batupi ka ho panya ha ntshi, seboko se utlwahale malapeng a bona, hoba ba ntjheketse lemena ke tle ke wele ka ho lona, ba tjhehetse maoto a ka leraba, ba le patile.


Morena o bua tjena: “Re utlwile seboko se bakwang ke tshabo, seboko sa tshabo e seng sa kgotso.


Ka nako eo ho tla bolellwa batho bana, le Jerusalema, ho thwe: “Moya o omeletseng o tla hlaha, o hlahe tutudung tsa lehlabathe, o fokele tjhabeng sa ka, o etswa lehwatateng; ha e yo ba wa ho olosa, ha e yo ba wa ho fefera,


Koduwa di fihla ka ho latellana, hobane fatshe lohle le senyehile; hanghang tente tsa ka di a senyeha, masira a tsona a tabohe ka ho panya ha ntshi.


Apara tse mahwashe, o lle sa mmokotsane, kgalefo e tlokomang ya Morena ha e a re tlohela.


Maqeba a tjhaba sa ka ba a a oka jwalokaha eka ba oka mengwapo. ‘Kgotso! Kgotso!’ ba rialo ho batho, le hoja ba tseba hore kgotso eo ha e yo.


Utlwang sello sa tjhaba sa ka se naheng e hole: “Na Morena ha a sa le teng Sione? Na Kgosi ya Sione ha e sa le yo moo?” Morena a re: “Ba nkgalefiseditseng ka medimo ya bona ya bohata, le ka medimo ya mafeela, medimo ya baditjhaba?”


Jwalokaha tjhaba sa heso se nyahame dipelo, le nna pelo ya ka e nyahame jwalo. Ke kene kahara bofifi, ke tshwerwe ke tshabo.


Hoja hlooho ya ka ke sediba sa metsi, mahlo a ka ebe ke mohlodi wa dikeledi, ke tle ke lle motsheare le bosiu, ke llele tjhaba sa heso se bolailweng.


“Ke tla llela dithaba, ke di hlomohele, makgulo a lehwatata ke a binele kodi-ya-malla, ke a binele hobane a omeletse hoo ho wona ho seng le mofeta-ka-tsela. Motho ha a ka ke a utlwa kgomo e bohla, nonyana tsa lehodimo di balehile, phoofolo tsa naha le tsona di itahlile!


“Ke ka baka la tsona ke llang, mahlo a ka a keleketla dikeledi, hobane motshedisi wa ka o hole le nna, yena ya neng a ka kgatholla moya wa ka. Bana ba ka ba setse ba itlhophere, hobane nna ke hlotswe ke sera sa ka.”


Jerusalema o lla sa mmokotsane bosiu, keledi di keleketla marameng a hae. Hara baratuwa bohle ba hae, ha ho le ya mong ya mo tshedisang. Metswalle ya hae yohle e mo ekile, metswalle e fetohile dira tsa hae.


Mahlo a ka a foufaditswe, a foufatswa ke dikeledi, moya wa ka o ferekane haholo, bohloko ba pelo ya ka bo tsholohela fatshe, ka baka la ho timetswa ha setjhaba sa heso, ka baka la ho timetswa ha bana le masea, ba timetswa ba le diterateng tsa motse.


O nthobile meno ka ho ntjesa lehlohlojane, a mpudukanya hodima molora.


Mahlo a ka a phorosela dikeledi, di phorosela sa metsi a nokana, ka baka la ho timetswa ha setjhaba sa heso.


Basadi ba nang le motlopotlo wa ho tswala, ka matsoho a bona ba apeha bana ba bona; ba ba apeha, ya eba dijo tsa bona, nakong ya ha tjhaba sa heso se timetswa.


Phokojwe le tsona di ye di nyantshe, di ye di nyantshe madinyane a tsona; empa tjhaba sa heso se sehloho haholo, se tshwana le dimpshe tsa lehwatata!


Kotlo ya tjhaba sa heso e kgolo haholo, ho feta le ya Sodoma, e neng e timetswe ka ho panya ha ntshi, e sa timetswe ke letsoho la motho.


Mekete ya lona e kgethehileng ke tla e fetola, ke e fetole, ke e etse ya bofifi, le dipina tsa lona tsohle e be kodi-ya-malla. Bohle ke tla ba apesa, ke ba apese tse mahwashe, ke ba kute, ke ba beole lekorana. Nako eo e tla ka ya ho lla, ho llela mora ya inotshi, qetello ya yona e ke tsatsi la mahlomola.


Ha molaetsa o fihla ho kgosi ya Ninife, ya raoha teroneng ya yona, ya hlobola seaparo sa yona sa bokgosi, ya apara tse mahwashe, mme ya dula moloreng.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


Ha a atamela kgoro ya motse, ha be ho ntshwa mofu motseng, mora ya mong, eo mmae e neng e le mohlolohadi. Letshwelehadi la motse le ne le ena le yena.


Lemohang bosoto ba lona, le hlomohe, le bokolle; letsheho la lona le fetohe dillo, thabo ya lona e fetohe maswabi.


Mamelang, lona barui, bokollang, le llele bosoto bo tlang ho le wela hodimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos