Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 6:18 - BIBELE

18 “Ka baka leo, mamelang lona ditjhaba! Lona kaofela bonang se tla hlahela tjhaba sa ka!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ka baka leo, utlwang, lona ditjhaba, mme wena phutheho ya ditjhaba, o tsebe se tla ba hlahela.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 6:18
9 Referencias Cruzadas  

“Lona banna ba Jerusalema le banna ba Juda, a ke le ahlole pakeng tsa ka, le tshimo ya ka ya morara.


“Lona ditjhaba, utlwang lentswe la Morena, le le phatlalatse ho ya fihla mabopong a hole, le re: ‘Ya qhalantseng Baiseraele o tla boela a ba phutha, a ba alose sa modisa a alositse mohlape.’


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo, ruri o thetsitse setjhaba sena, le yona Jerusalema, ka ho re: ‘Le tla ba le kgotso,’ athe re se re le lekgatheng la ho bolawa ka sabole.”


“Tsena o di tsebise ditjhaba tsohle, o phatlalletse le Jerusalema: ‘Mara a thibellang a tswa naheng e hole, a futuhela metse ya Juda ka mehoo ya ntwa,


Yaba ke le kgethela balebedi, ka re: ‘Mamelang modumo wa lenaka ha le lla!’ Empa lona la re: ‘Ha re ka ke ra o mamela!’


Wena lefatshe mamela! Tjhaba sena ke se tlisetsa koduwa, e leng tholwana ya merero ya sona, hoba ha se a mamela mantswe a ka, le molao wa ka se o lahlile.


Lona tjhaba sa ka, hopolang morero wa Balake, morero wa Balake, kgosi ya Moabe, le hopole le karabo ya Bileame, mora wa Beore. Hopolang le lona leeto la lona la ho tloha Shitime ho ya Gilegale, le tle le tsebe ketso tse pholosang tsa Morena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos