Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 6:13 - BIBELE

13 “Ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela ho fumana qhoqha; baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hobane ba hlile ba ineela takatso ya ho rua kaofela, e monyenyane le e moholo; moporofeta le moprista e mong le e mong ba etsa bohata.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 6:13
32 Referencias Cruzadas  

Batho bana le bona ba thekesediswa ke veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; baprista le baporofeta ba thekesediswa ke jwala, kelello di tsherehantswe ke ho itlopa veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; ba bona dipono ba ntse ba thekesela, dinyewe ba di ahlola ba ntse ba ratseela ke jwala.


Ka baka la sebe sa bona ke ile ka ba halefela, ka ba otla, ka ba patela fahleho sa ka ke halefile; empa ba nna ba tswela pele mekgweng ya bona e kgopo.


Ha ke tsamaya ke kena hara naha, ke bona ba bolailweng ka sabole! Ha ke re ke kena kahara motse, ke bona ba bolailweng ke sekoboto! Moporofeta le moprista ka ho tshwana ba lelera hara naha ba sa e tsebe.’ ”


Jwaloka nonyana e fuamang mahe e se a yona, ya ruang ka mano le yena o jwalo, bohareng ba bophelo ba hae maruo ao a tla mo fella, qetellong bothoto ba hae bo bonahale.


“Jwalokaha leshodu le hlajwa ke dihlong, le hlajwa ke dihlong ha le tshwerwe, Baiseraele le bona ba hlajwe ke dihlong jwalo, bona le dikgosi le mahosana a bona, le baprista le baporofeta ba bona.


“Ke ka baka lang ha le phea kgang le nna? Kaofela ha lona le ba mphetohetseng,” ho rialo Morena.


Baprista ha ba a ka ba re: ‘O kae Morena?’ Ditsebi tsa Molao ha di a hlola di sa ntseba, babusi ba setjhaba le bona ba mphetohela; baporofeta ba porofeta ka lebitso la Baale, ba latela medimo e ke ke ya ba thusa.”


“Mahlo a hao le pelo di buswa ke meharo ya hao, di buswa ke ho tsholla madi a se na molato, di buswa ke kgatello le tlhokofatso ya batho.”


Naha ena yohle e se e tletse difebe, ka baka la thohako naha e apere bofifi, makgulo a dithota a omeletse. Tsela tsa difebe tsena ke tse kgopo, matla a tsona ha a sebediswe ka toka.


“Baporofeta le baprista bobedi ba silafetse, e, ka tlung ya ka ke fumane bokgopo ba bona,” ho rialo Morena.


Baporofeta bao ha ke a ba roma, ho rialo Morena, empa ba porofeta leshano ka lebitso la ka, hore ke tle ke le leleke, mme lona le baporofeta bao le tle le shwe.”


ka baka la bokgopo ba bana ba Iseraele le ba bana ba Juda, boo ba bo entseng hore ba nkgalefise, bona le dikgosi tsa bona, le babusi ba bona, le baprista ba bona, le baporofeta ba bona, le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema.


Yaba balaodi bohle ba mabotho le Johanane, mora wa Karea, le Jesaniya, mora wa Hoshaya, le batho bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang, ba a atamela,


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”


Kahoo basadi ba bona ke tla ba nea banna basele, masimo a bona ke a nee ba ba hlotseng; ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela qhoqha, baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana.


Di kenwe ka baka la dibe tsa baporofeta ba wona, ka baka la makgopo a baprista ba wona, ba tsholotseng madi a ba lokileng, ba a tsholla hara motse wa Jerusalema.


Ba bang ba amohetse tjotjo hore ba tle ba tsholle madi, ba bang ba iphumanela tswala e fetang tekanyo, ba fumana phaello ka ho hanyapetsa ba bang, mme jwale ba ntebetse, ho rialo Morena Modimo.


Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana.


Baetapele ba yona ba ahlolela ba ba neang tjotjo, baprista ba yona ba rutela ho newa moputso, baporofeta ba yona ba porofetela tjhelete; ho le jwalo, ba tshepile Morena, ba re: “Ha re re Morena o teng kahara rona? Ha ho koduwa e ka ba re wela hodimo!”


Morena o bua tjena: “Baporofeta bana tjhaba sa ka ba a se kgelosa, ba re ‘kgotso’ ho motho ya ntshang diphomoso, ba lwane ya kgumamela le ya se nang tsona.”


Jwale Bafarisi, ba neng ba rata tjhelete, ba utlwa tseo tsohle, mme ba mo soma.


E se ke ya eba letahwa kapa ya leqhoko, empa e be motho ya bonolo, ya sa rateng ntwa, le ya sa rateng tjhelete.


Setjhabeng sa Iseraele le teng ho bile le baporofeta ba bohata. Ka mokgwa o jwalo ho tla ba le baruti ba bohata hara lona, ba tla tlisa ka sekgukgu dithuto tse kgelohileng, tse isang timelong. Ba tla be ba latole Morena ya ba lopoletseng, mme ka hona ba itlisetse timelo ka potlako.


Ka baka la meharo ya bona ba tla le hanyapetsa ka dipolelo tseo ba iqapetseng tsona. E se e le kgale moahlodi wa bona a ba emetse, mme motimetsi wa bona ha a kgalehe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos