Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 51:41 - BIBELE

41 “Motse wa Babilona ba o hapile! Motse oo fatshe lohle le neng le itlotla ka wona, o fetohile sesomo hara ditjhaba!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Sheshake (Babilona) o hapilwe jwang? Bo phahlilwe jwang, bokgabane ba lefatshe kaofela? Babilona o entswe jwang makatso hara ditjhaba?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:41
15 Referencias Cruzadas  

Tempele ena, leha e phahame hakana, bohle ba fetang pela yona ba tla e kgotsa, ba re: ‘Ke ka baka lang Morena a entseng naha ee tjee, le Tempele ee tjee?’


Wena Babilona, tlotla ya mebuso, mokgabo oo Bakalatiya ba leng motlotlo ka wona, Modimo o tla o timetsa sa Sodoma le Gomora!


le tle le bine pina ena e somang kgosi ya Babilona: “Bonang kamoo mohatelli a weleng kateng! Bonang kamoo kgalefo ya hae e fedileng kateng!


le dikgosi tsohle tsa leboya, tse hole le tse haufi, ka ho hlahlamana ha tsona, le mebuso yohle e teng mona lefatsheng, mme qetellong ho tla nwa kgosi ya Sheshake.


Jo! Motse o tummeng o furaletswe! Motse wa Damaseka o nkgahlang haholo!


Bonang kamoo noto ya lefatshe lohle e pshatlehileng maqhetswana kateng! Kamoo Babilona e fetohileng nanaola kateng, ya fetoha nanaola hara baditjhaba!


Fatshe le tla reketla ha ho utlwahala, ho utlwahala hore Babilona e se e hapilwe: Sello sa yona se tla utlwahala hara baditjhaba.


Babilona e tla ba qubu ya masupi, e fetohe lehae la diphokojwe; e tla fetoha sesomo, e nyedisehe, e be baka seo ho se nang baahi ho sona.


Batho bohle ba ahileng mabopong a lewatle, pheletso ena ya hao e ba tshositse; dikgosi tsa bona di tetemisa dirope, fahleho tsa tsona di tsunkantswe ke letswalo.


O o neile matla a ho busa batho bohle moo ba phelang teng, le dibatana tsa naha, le dinonyana tse fofang; o o entse mmusi wa tsena kaofela. Hlooho ena ya kgauta ke wena.


“Oho, kgosi, sefate seo ke wena! O ile wa hola, wa matlafala. Boholo ba hao bo hodile hoo bo fihlang marung, le puso ya hao e fihla dipheletsong tsa lefatshe.


a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”


Hara ditjhaba tsohle, tseo Morena a tla o isa ho tsona, o tla ba setsoto, o be pale, o be mohlolo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos