Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 51:10 - BIBELE

10 “ ‘Morena o re lokolotse molatong wa rona, tloong, re yo phatlalatsa tsena Sione, re bolele mesebetsi ya Morena, Modimo wa rona.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Jehova o bonahaditse ho loka ha rona; tloong, re boleleng hara Sione mesebetsi ya Jehova, Modimo wa rona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:10
18 Referencias Cruzadas  

Ha nka ke ka shwa, empa ke tla phela, ke bolele mesebetsi ya Morena.


O tla etsa hore ho loka ha hao ho kganye, ho kganye jwaloka lesedi, le ditokelo tsa hao di kganye jwaloka letsatsi, motsheare o moholo.


Maleme a bona a a ba timetsa; bohle ba ba bonang ba sisinya dihlooho.


Tloong, le mamele, lona bohle ba tshabang Modimo, ke le phetele seo a nketseditseng sona.


Nkgauhele Morena, tadima kamoo ke hlophehileng kateng, ke hlophehile ka baka la ba ntlhoileng, wena ya nnyolotseng kgorong ya motse wa bafu,


Ba tla howeletsa ka mantswe a phefa, ba binele Morena ya tlotlehang, ba howe haholo, ba howe ho tloha bophirimela.


Kgothatsang Jerusalema ka lerato, e bolelleng: Bokgoba ba yona bo fedile, sebe sa yona se tshwaretswe, Morena o e otletse sona haholo.


Balopollwa ba Morena ba tla kgutla, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla yohle e be mefapahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisapelo wona a ba tlohele.


“Mamelang babalehi ba phonyohileng Babilona, ba phatlalatsa Sione hore Morena o a iphetetsa, Morena Modimo wa rona, o a phetetsa, o phetetsa Tempele ya hae.


Ka baka leo, utlwang diqeto tsa Morena, diqeto tseo a di etseditseng baahi ba Babilona: Batjha ba setjhaba ba tla hulanngwa, ka baka la bona naha ya bona e senngwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos