Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 5:22 - BIBELE

22 Na ha le ntshabe?” ho rialo Morena. “Ha le thothomele keng ha le le kapele ho nna? Nna ya etseditseng lewatle moedi, ka o etsa ka lehlabathe, moedi o sa tloheng, oo le ke keng la o tlola? Maqhubu a ka tsudubutlana, a ka ke be a o tlosa! A ka kwasa a ratile, a ke ke be a o tlola!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 5:22
29 Referencias Cruzadas  

Jwale Modimo a re: “Metsi a katlase ho lehodimo a bokellane sebakeng se le seng, ho hlahe mobu o ommeng!” Ha fela ha eba jwalo.


A tsamaya, a fumana setopo sa moporofeta wa Modimo se rapaletse kahara tsela, tonki le tau di ntse di eme pela sona. Tau e ne e sa ka ya ja setopo, kapa ya harola tonki.


O radile sedikadikwe, a se rala hodima lewatle, a etsa moedi ho arohanya lesedi le lefifi.


Ka baka leo, batho bohle ba a mo tshaba, bo-tsebanyane bohle ha a ba natse.”


“Mohla lewatle le phatlohang mohloding wa lona, menyako e ne tinketswe ke mang ho le thibela?


Wa a sehela moedi oo a ke keng a o tlola, hore a se hlole a kwahela lefatshe hape.


Mmele wa ka o thothomela ke ho o tshaba, mme ke tshohile dikahlolo tsa hao.


Morena a bokella metsi a lewatle jwalokaha eka o a tshetse lekukeng, a boloka madiba madumeleng a hae.


Ka baka leo, re ke ke ra tshaba, leha lefatshe le ka reketla, le dithaba tsa sisinyeha botebong ba lewatle;


Morena ke kgosi, ditjhaba di a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a reketla.


ha a sehela lewatle moedi wa lona, metsi a se ke a tlola taelo ya hae; le ha a rala metheo ya lefatshe.


“Ke hobaneng ha ke fihla ke fumaneng ho se na motho? Yare ha ke bitsa ka hloka ya nkarabang? Na tsoho la ka le fokola hoo nke keng ka le lopolla? Na ke hloka matla a ho le namolela? Bonang! ha ke kgalema ke pshesa metsi a lewatle, dinoka tsona ke di fetole lehwatata; tlhapi tse phelang nokeng tseo di nkge, di re phu! di hloke metsi, di be di shwe ke lenyora.


Jwalokaha mollo o hotetsa patsi, metsi a bele, le wena theoha, dira tsa hao di tsebe bitso la hao, o etse hore tjhaba di thothomele ha di o bona!


Lona ba thothomelang ha Morena a bua, mamelang dipolelo tsa hae: “Bana babo lona ba le hloileng, ba le kgesang ka baka la lebitso la ka, ba re: ‘Morena ha a ke a tlotliswe, re bone thabo ya lona!’ Empa bona ba tla hlajwa ke dihlong.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, wena Kgosi ya ditjhaba? E hlile ho tshajwa, wena ho a o lokela. Hara banna bohle ba bahlalefi ditjhabeng, banna ba bahlalefi ba mebusong ya bona, ha ho le ya mong ya tshwanang le wena.


Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.


Morena ya re fileng letsatsi ho bonesa motsheare, a ba a beela kgwedi le dinaledi molao o sa fetoheng, wa hore bosiu di bonese, e be masedi, yena ya tuduanyang lewatle hore le hwase, eo bitso la hae e leng Morena wa mabotho, o bua tjena:


“Ke etsa taelo ya hore dinaheng tsohle tse pusong ya ka, batho ba tshabe, mme ba hlomphe Modimo wa Daniele. “Ke Modimo ya phelang, ya phelang kamehla yohle, mmuso wa hae o ke ke wa timetswa, matla a hae a ke ke a fediswa.


“Kahoo, wena Iseraele, ke tla o etsa sena: Erekaha ke tla o etsa jwalo, itokisetse ho ema kapele ho Modimo, kapele ho Modimo wa hao, wena Iseraele.”


Yena eo leaho la hae le leng mahodimong, metheo ya lona o e hlomme hodima lefatshe; yena ya bokellang metsi a lewatle, a a bokelle, a a tshollele hodima lefatshe; lebitso la hae ke Morena.


Banna bao ba tshoha haholo, ba nyehella Morena ka sehlabelo, mme ba mo etsetsa dikano tse itseng.


O kgalemela lewatle, ebe o a le pshesa, dinoka tse phallang le tsona a di pshese. Bashane le Karamele di a omella, dithunthung tsa Lebanone tsona di pone.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.


A tsoha, a kgalemela moya, a re ho letsha: “Didimala! Kgutsa!” Moya wa teba, mme ha kgutsa tu!


Empa ke tla le lemosa eo le ka mo tshabang: Tshabang ya nang le matla a ho lahlela diheleng, ha a se a bolaile! E, ke a le bolella, mo tshabeng!


“Haeba o sa hlokomele ho phetha mantswe wohle a molao ona, a ngotsweng bukeng ena, le ho tshaba lebitso lena le tlotlehang, le tshabehang, la Morena Modimo wa hao,


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena? Ke mang ya ke keng a tlotlisa bitso la hao? Hobane ke wena feela ya halalelang. Ditjhaba tsohle di tla tla, di o kgumamele, hobane dikahlolo tsa hao di bonahaditswe.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos