Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 5:19 - BIBELE

19 Etlare ha batho ba botsa, ba re: ‘Ke ka baka lang ha Morena Modimo wa rona, a entse tsee tsohle ho rona?’ Wena o tla ba bolella hore Modimo o re: ‘Kaha le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele mona naheng ya lona, kahoo le tla sebeletsa baditjhaba naheng eo e seng ya habo lona.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Mme ha le ka bolela, la re: Ke ka baka lang ha Jehova, Modimo wa rona, a re entse ntho tseo kaofela? o ba arabele ka ho re: Ke hobane le mo hlobohile, le sebeleditse medimo ya ditjhaba lefatsheng la lona; ka baka leo, le tla nne le sebeletse ditjhaba lefatsheng leo e seng la lona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 5:19
18 Referencias Cruzadas  

Ha o ka ipotsa ka pelong ya hao, wa re: “Ke ka baka lang ha tsee di ntlhahetse?” Ka baka la dibe tsa hao tse ngatangata, mese ya hao e ila apolelwa hodimo, mmele wa hao wa sala o le feela.


Ka baka leo, ke tla le phahla naheng ena, ke le ise naheng eo lona le bo-ntata lona le sa kang la e tseba. Naheng eo, bosiu le motsheare, le tla sebeletsa medimo esele, hobane nke ke ka le hauhela.’ ”


Ka baka la phoso tsa lona le tla lahlehelwa, le lahlehelwe ke lefa ke le file lona. Ke tla le etsa makgoba a dira tsa lona, ke le etse makgoba naheng eo le sa e tsebeng, hobane le entse hore kgalefo ya ka e tuke, e laime malakabe kamehla yohle.”


“Tjhaba sa ka se entse dibe di le pedi: Se furaletse nna, diba sa metsi a phoroselang, sa itjhekela diqanthana tseo e leng tsa sona, qanthana tseo metsi a ke keng a ema ka ho tsona.”


“Na Iseraele ke mohlanka ya tswetsweng e le lekgoba? Ho ya kang ha a sa fetohile lelobelo?


Empa wena o re: ‘Ha ke na molato! Ruri kgalefo ya Morena e tla mphapoha!’ Bona mona, nna ke tla o ahlola, hobane o re wena ha o a etsa sebe.


“Leha ho le jwalo,” ho rialo Morena, “le hona matsatsing ao ha ke na ho le fedisa ho hang.


“Bolelang tsena ho ba ntlo ya Jakobo, le di phatlalletse ba ntlo ya Juda, le re:


“Monna ya bohlale, ya ka utlwisisang tsee ke ofe? Eo Morena a mo rutileng ho di hlalosa ke mang? Ke ka baka lang ha naha e fetohile nanaola, e omeletse sa lehwatata le ke keng la tsamauwa?”


Yaba Morena o re: “Ke hobane ba furaletse Molao wa ka, oo ke ba beetseng wona. Ha ba a mamela lentswe la ka, leha e le ho ya ka ditaelo tsa ka.


Makgoba a fetohile babusi ba rona, ha ho ya re namolelang matsohong a wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos