Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 49:8 - BIBELE

8 Kgutlang, le balehe, le ipate ka mahaheng, lona baahi ba motse wa Dedane, hobane ke tla dihela Esau koduwa, ke mo dihele yona ha ke mo otla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Balehang, le furalle, le ahe sephiring, lona baahi ba Dedane, hobane ke ya tlisetsa Esau kotsi, mohla ke mo kgalemelang.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 49:8
22 Referencias Cruzadas  

Batho ba tla balehela mahaheng, katlasa mafika le mafarung, ka baka la ho tshaba Morena, le ho tshaba kganya ya botlotlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.


Bona ke boporofeta malebana le Arabia: Lona mekoloko ya batsamai, batsamai ba Badedane, robaletsang matswatlareng a Arabia.


Sabole ya Morena e tswa lehodimong, bonang ke eo e theoha ho ahlola Edomo, tjhaba seo a rerileng ho se timetsa.


le Dedane, le Tema, le Buse, le tsohle tse dibakeng tse hole,


Bahlabani ba hirilweng ke Egepeta, ba ka manamane a nontshitsweng; le bona ba tla phekgoha, ba balehe kaofela, ha ba ka ke ba tseba ho ema senna, hobane tsatsi la koduwa le ba fihletse, ba fihletswe ke nako ya bona, nako ya ho ahlolwa.


Lona baahi ba Moabe tswang metseng ya lona, le yo iphelela kwana hara mafika, le ke leeba le hahang sehlaha sa lona, le se hahang dintshing, ntshing tsa faru la lefika.


“Ya balehang ke ho tshaba o tla wela ka lemeneng, ya tswang ka lemeneng raba le tla mo tshwasa. Tsena tsohle ke tla di tlisetsa ba Moabe, ke ba tlisetse tsona ka lemo sa kotlo ya bona,” ho rialo Morena.


Balehang le tle le ipholose, le ke tonki e hlaha ya lehwatata.


“Balehang kapele, ka ho potlaka! Ipateng mafarung lona baahi ba Hasore,” ho rialo Morena. “Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, morero wa ho le futuhela o se a o rerile, moralo wa ho le futuhela o se a o radile.


“Kamele tsa sona e tla ba lelobelo, mehlape ya sona e mengata e tla hapuwa. Ba bakeng tse hole ke tla ba qhalanyetsa hohle, ke ba dihele koduwa ka mahlakore wohle,” ho rialo Morena.


Bolayang bahlabani bohle, bahlabani ba Babilona, le ba theolele moo ba tla hlabelwa teng. Bomadimabe ba bona ke bo bokaakang! Tsatsi la kotlo ya bona le ba fihletse!


“Bana ba Benjamine, balehang, le tswe Jerusalema! Letsang lenaka le le motseng wa Tekowa! Hlabang mokgosi ka kganare ya mollo, le o hlabe hodima Bete-Kereme! Koduwa le timelo e kgolo di hlaha leboya.


Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla otlollela letsoho la ka hodima Edomo, ke bolaye baahi ba yona, le diphoofolo tsa bona, ke e fetole nanaola; ho tloha Temana ho ya fihla Dedane ke ba bolaye ka sabole.


Esau yena ka mo hloya, ka fetola dithaba tsa hae matswatlare, lefa la hae lona ka le tlohella dibatana tsa naha.”


Baedomo ba ka nna ba re: “Leha re ripitlilwe, re tla boela re tsosa dithako tsa rona,” empa Morena wa mabotho o bua tjena: “Ba tla haha, empa nna ke tla heletsa. Ba tla bitswa Naha e Kgopo, ba bitswe setjhaba seo Morena a se halefelang kamehla.”


Dikgosi tsa lefatshe, le mahosana, le balaodi ba mabotho, le barui, le dinatla, le bohle, e ka ba makgoba kapa balokollwa, ba ipata ka mahaheng le hara mafika a dithaba.


Bamidiane ba imela bana ba Iseraele. Ka baka la ho tshaba Bamidiane, bana ba Iseraele ba ile ba ipata matsabeng, le mahaheng, le diqhobosheaneng.


Ha Baiseraele ba bona hore taba di mosenekeng, kaha setjhaba se ne se tsielehile, batho ba ipata ka mahaheng, le meferong, le mafikeng, le diqhobosheaneng, le madumeleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos