Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 49:16 - BIBELE

16 Boikakaso ba hao bo u thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang ka mafarung a mafika, wena ya ahileng maralleng a phahameng. Le hoja o ahile hodimo jwaloka ntsu, ke tla o theolela tlase,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Boikakaso ba hao bo o thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao, ha o ahile mapetsong a mafika, o dutse phahameng ya marallana! Le hoja o ka haha ntlo ya hao phahameng jwaloka ntsu, ke tla o diha teng, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 49:16
21 Referencias Cruzadas  

Amasiya a bolaela Baedomo ba dikete tse leshome ka Kgohlong ya Letswai, a ba a hapa Sela, a e rea lebitso la Jokotheele, mme e ntse e bitswa jwalo le kajeno-ya-bokajeno.


Na ke ka taelo ya hao ntsu e tsebang ho fofa, e hahang hlaha sa yona hodimo tsullung?


Boikakaso bo etella timelo pele, boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.


Leleme le ka phedisa, hape le ka bolaya, ba ratang ho hehla ba tla kotula tholwana tsa hona.


Boikakaso ba motho bo a mo diha, empa boikokobetso bo mo tlisetsa hlompho.


Wena leebana la ka le ipatileng mafarung, le ipatileng methating, tsullung tsa dithaba, ako mpontshe fahleho sa hao, ntswe la hao le lona ke le utlwe, ntswe la hao ho nna le a hohela, hoba fahleho sa hao ho nna se a rateha.


Tsoho la ka le fumane matlotlo a ditjhaba, la a fumana sa hlaha sa nonyana, ka bokella naha tsohle mmoho, sa mahe a setse lepalapaleng, ha se be le e nngwe e sisinyehang, kapa e ahlamisang molomo ho hlaba mokgosi.”


Batho ba tla balehela mahaheng, katlasa mafika le mafarung, ka baka la ho tshaba Morena, le ho tshaba kganya ya botlotlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.


Empa Morena o bua tjena: “E, bahale ba tla amohuwa bathopuwa ba bona, le ba sehloho ba amohuwe kgapo ya bona, Ba lwantshanang le wena ke tla ba lwantsha, bana ba hao ke ba lopolle.


“Le ka ipolela jwang, la re ‘Rona re bahlabani, rona re dinatla tsa dikwakwariri ntweng?’


“Ke tla le nyenyefatsa, ke le nyenyefatse hara baditjhaba, batho bona ba le nyedise!


“Bohle ba fulang ka diqha le ka metsu, ba bitseng bohle, ba futuhele Babilona, ba e etsetse sakana-la-nkope, ba se tlohele le ya mong a phonyoha. Putsang Babilona ka baka la ketso tsa yona, le e etse seo e ila se etsa ba bang, hobane Babilona e ikgantsheditse Morena, ya ikgatshetsa Ya Halalelang wa Iseraele.


Leha Babilona e ka nyolohela lehodimong, ya sireletsa marako a qhobosheane tsa yona, ke tla e romela batupi ba e futuhele,” ho rialo Morena.


Leha ba ka phunyeletsa ho ya fihla Nqalong ya Bafu, tsoho la ka le tla ba ntsha hona moo. Leha ba ka nyolohela hodimo, hodimo mahodimong, le hona moo ke tla ba theola.


“Ho madimabe ya ithuisang ka mano, ya hahang ntlo ya hae hodima qhowa, hore a tla tsebe ho phema koduwa.


Esau yena ka mo hloya, ka fetola dithaba tsa hae matswatlare, lefa la hae lona ka le tlohella dibatana tsa naha.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos