Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 49:10 - BIBELE

10 Ke tla hlobodisa Esau a be feela, baka tseo a ipatang ho tsona ke di pepese, hoo a ke keng a hlola a tseba ho ipata. Bana ba hae, bang ka yena, ba ahisaneng le yena, bana bohle ba tla timela, yena a ke ke a hlola a eba teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Empa nna, ke hlobodisitse Esau, ke phahlile ditshabelo tsa hae, ha ho sa le moo a ka ipatang teng; leloko la hae le sentswe, le banababo, le ba ahisaneng le yena; o se a le siyo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 49:10
13 Referencias Cruzadas  

Morena o rata ho loka, mme a ke ke a furalla batshepuwa ba hae. Ba kgopo ba tla timella ruri, ditloholo tsa bona di tla fediswa.


Mantsiboya di bakela bohle matswalo, le eso tjhabe tsona di se di nyametse! Ena ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, ke yona kabelo ya ba senyang tsa rona.


Ke tla o nea matlotlo a patilweng hara mafifi, maruo a patilweng dikgotjheletsaneng, o tle o tsebe hore ke nna Morena, Modimo wa Iseraele, ya o bitsang ka lebitso.


“Kahoo ke apotse mese ya hao, ka e apolela hodimo, ke o kwahetse ka yona mahlong, bofeela ba hao bo lepalapaleng.


Na motho a ka ipata dikgotjheletsaneng, a ipata teng, yaba ha ke mmone?” ho rialo Morena. “Na ha ke fumanwe lehodimong le lefatsheng?” ho rialo Morena.


Wena Sione, kotlo ya hao e tla fela, ha o ka ke wa hlola o iswa bothopuweng. Empa wena Edomo, o tla otlelwa bokgopo ba hao, dibe tsa hao Morena a di senole.


Leha ba ka ipata tlhorong ya Karamele, ke tla ba tsoma, ke ba tshware hona moo. Leha ba ka ipatela nna ka mpeng ya lewatle, ke tla laela kganyapa e ba lomele hona moo.


Esau o runtsolotswe hakaakang! Matlotlo a hae a patilweng a lobelwa hakaakang!


Wena Temana, bahlabani ba hao ba tla thothomela, bohle ba bolawe, ba bolaelwe thabeng ya Esau.


jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke ratile Jakobo ho ena le Esau.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos