Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 48:41 - BIBELE

41 metse yohle e tla hapuwa, diqhobosheane le tsona di kenwe. Mohlang oo pelo tsa bahlabani ba Moabe di tla tshwana le pelo ya mosadi, mosadi a kena tlung.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Keriothe o hapilwe, diqhobosheane di kenwe, mme tsatsing leo, pelo tsa bahale ba Moabe di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 48:41
16 Referencias Cruzadas  

Ba tla kenelwa ke tshabo, mahlaba le bohloko di tla ba menya; ba tla meneka sa mosadi a kena tlung, motho a shebane le wa habo ka ho makala, fahleho tsa bona di fubele, di fubele sa malakabe.


Theka la ka le opa habohloko, ke tshwerwe ke mahlaba sa mosadi a kena tlung, ke kotlobane hoo ke sitwang ho utlwa, ke tshohile hoo ke sitwang ho bona.


Inahaneng ke hona, le be le botse: Na monna a ka beleha ngwana? Ke hobaneng ha banna ba itshwere matheka, ba itshwere sa mosadi a kena tlung? Ke hobaneng ha fahleho tsohle di pudufetse?


Ke utlwile sello se kang sa mosadi a pepa, modumaelo o kang wa mosadi, mosadi wa letsibolana; sello sa moradi wa Sione ha a fehelwa, ha a itelela, a phakalatsa matsoho, a re: “Ka tla ka le bona! Bophelo ba ka bo matsohong a babolai!”


“Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “pelo ya kgosi le tsa mahosana di tla nyahama, baprista ba tla tshoha, baporofeta ba tsielehe.”


ya fihla Keriote, ya fihla Bosera, metseng yohle ya Moabe e hole le e haufi.


Ntsu e tla solla hodimo, e ubelle, e thathalatse mapheo a yona, e a thathalatse hodima Bosera. Pelo tsa bahlabani ba Edomo, ka tsatsi leo, di tla ka pelo ya mosadi, mosadi a kena tlung.


Damaseka e se e fokola, e phekgohile, e hlanola tlhabela, tshabo le yona e se e e fihletse; bohloko bo e tshwere le mahlaba a e tshwere, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung.


Sabole e supile le dipere tsa bona, ya supa le tsona kariki tsa bona tsa ntwa; e supile bohle bao e leng melata, kaofela ha bona ba tla fetoha basadi! Sabole e supile matlotlo a Babilona, kaofela ha wona matlotlo ana a tla hapuwa!


Kgosi ya Babilona e utlwetse tsa setjhaba seo, matsoho a yona a leketlile ke ho tepella; e tshwerwe ke mahlaba a ho tlallwa, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung.


Bahlabani ba Babilona ba kgaoditse ho lwana, ba haneletse ka diqhobosheaneng tsa bona! Sebete sa bona se se se fedile, ba se ba itshwanela le basadi feela. Diahelo tsa Babilona di tjhesitswe ka mollo, mekwallo ya dikgoro tsa yona e robilwe.


Baahi ba Jerusalema ba re: “Botumo ba tjhaba seo re se re bo utlwile, matsoho a rona a lepeletse ke ho fokola; ditlokotsi le tsona di se di re apere, bohloko bo tshwana le ba mosadi, mosadi a kena tlung.


Naha ya Moabe ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Keriote ke a timetse. Moabe e tla timela ho le morusu, ho le mokorotlo, ho lla lenaka.


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos