Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 47:5 - BIBELE

5 Gasa e tla ba bofifing, e beole hlooho, Ashekelone yona e tla ripitlwa. Lona masalla a tjhaba sa Baanake, le tla itlhokofatsa, le lle ho fihlela neng?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bofatla bo ya ba teng ho Gasa; Ashkelone o tla senngwa hammoho le ho setseng ha lehwatata la bona. O tla iphatsa ho le hokae?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 47:5
20 Referencias Cruzadas  

Ba howa haholo, mme ka mokgwa wa bona ba itshehaka ka dithipa le ka mahare, ho fihlela madi a bona a phorosela.


Batho ba Dibone ba nyolohetse tempeleng ya bona, ba nyolohetse ho ya llela dibakeng tsa bona tsa borapedi; baahi ba Moabe ba llela Nebo le Medeba, ba ikutile lekorana, ba ipeotse le ditedu.


Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:


“Ba hlomphehang le ba eisehang ba tla shwela naheng ena. Ha ba na ho epelwa leha e le ho llelwa; ha ho ya tla iphatsa kapa a kute moriri wa hae ho bontsha maswabi a hae.


le melata yohle e Egepeta, le dikgosi tsohle tsa naha ya Use, le dikgosi tsohle tsa naha ya Filesitiya, le Ashekelone, le Asa, le Ekerone, le masalla a Ashedode,


banna ba mashome a robedi, ba beotseng ditedu, ba hahotseng diaparo tsa bona, ba iphatsitseng, ba fihla ba etswa Shekeme, le Shilo, le Samaria, ba tliseditse Tempele ya Morena dinyehelo tsa dijo le mokubetso.


Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Bafilesita, Faro a eso futuhele Gasa.


Tsatsi le fihlile, tsatsi la ho timetsa Bafilesita, basireletsi ba Tire le Sidone ba tla fediswa, hobane Morena o tla timetsa Bafilesita, masalla a sehlekehleke sa Kafatore.


Dihlooho kaofela di lekorana, ditedu kaofela ba di beotse, matsoho kaofela ba a phatsitse, matheka ba a tlamme ka tse mahwashe.


Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla otlollela letsoho la ka hodima Bafilesita, ke bolaye Bakerete, ke timetse le masalla a ba phelang lebopong la lewatle.


Ba tla itlama matheka ka tse mahwashe, tshabo e ba wele hodimo, fahleho tsa bona di aparelwe ke dihlong, hlooho tsa bona di phumohe mafatla.


“ ‘Le se ke la iphatsa ha le llela mofu, le se ke la etsa mokgora. Ke nna Morena.


“ ‘Baprista ba se ke ba beola moriri o hara hlooho tsa bona, ba se ke ba sekola ditedu tsa bona, leha e le ho iphatsa mmeleng.


Beolang dihlooho, le di etse lekorana, le llele bana bao le ba ratang; le phumohe mafatla, le tshwane le tlake, hoba bana ba tla le siya, ba ye bothopuweng.


Kamehla, bosiu le motsheare, o ne a howa a le hara mabitla le dithabeng, mme a itsheha ka majwe.


“Lona le bana ba Morena Modimo wa lona. Le se ke la iphatsa, kapa la ipeola diphatleng ha le llela bafu.


Ba morabe wa Juda ba hapa le motse wa Gasa mmoho le naha ya wona, le motse wa Ashekelone mmoho le naha ya wona, le motse wa Ekerone mmoho le naha ya wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos