Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 44:4 - BIBELE

4 Leha ho le jwalo ke nnile ka romela bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka re: ‘Oho, se etseng manyala ana ao ke a hloileng!’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Nkile ka nna ka le romela bahlanka ba ka kaofela, e leng baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma ka ho re: Le se ke la etsa ntho eo e manyala, eo ke e hloileng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 44:4
24 Referencias Cruzadas  

Kamehla Morena Modimo wa bo-ntata bona, o ne a romela maqosa ho bona, hobane o ne a utlwela setjhaba sa hae, le Tempele ya hae, bohloko.


Ka dilemolemo wa ba mamella, wa iphapanya, wa ba kgalema ka baporofeta ba hao, ka baporofeta ba susumetswa ke Moya wa hao, empa tsebe tsa bona tsa se ke tsa sekeha, yaba o neelana ka bona ho baahi ba naha tseo.


Kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le bo-natata rona, bohle ha ba a boloka Molao wa hao, kapa ba mamela ditaelo tsa hao, le dikgalemelo tseo o ba etseditseng tsona.


Ke tla ba otlela bokgopo ba bona le dibe tsa bona habedi, hobane ba silafaditse naha ena ya ka, ba e tlatsa dikoqo tse omeletseng tsa medimo ya bona ya bohata, e nyonyehang.”


haeba le sa mamele mantswe a bahlanka ba ka, e leng baporofeta bao ke ba rometseng ho lona ka makgetlokgetlo, le hoja le sa ka la ba mamela;


Ke hobane ha ba a ka ba mamela mantswe a ka, ao ke nnileng ka ba romela wona ka makgetlokgetlo, ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta. Empa le lona ha le a ka la mamela,’ ho rialo Morena.


Ba mphuraletse, fahleho tsa bona ha di a sheba ka ho nna. Le hoja ke nnile ka ba ruta ka makgetlokgetlo, ha ba a ka ba mamela ditaelo tsa ka.


Ba ile ba bea medimo ya bona e nyonyehang ka Tempeleng e bitswang ka lebitso la ka, mme ba e silafatsa.


Hape ba ile ba hahela Baale dibaka tsa borapedi ka Kgohlong ya Mora wa Hinome, moo ba tla etsetsa Moloke sehlabelo sa setjheso ka bara le baradi ba bona, e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela yona, kapa hona ho e nahana, ya ho etsa manyala ana, hore Bajuda ba etse sebe.”


Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.


“Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Bonang mona, ke tla dihela morabe wa Juda le baahi bohle ba Jerusalema koduwa eo ke ba boleletseng hore ke tla e dihela hodima bona, hobane ke buile le bona, empa ha ba a ka ba mamela; ke ba bitsitse, empa ha ba a ka ba arabela.’ ”


Tsena tsohle le di entse, ho rialo Morena. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mmamela. Leha ke le bitsa ha le a ka la nkarabela.


Na ha o bone seo setjhaba see se se etsang metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema?


Bana ba rwalla patsi, bo-ntata bona ba besa mollo, basadi ba duba hlama, ba etsetsa mofumahadi wa lehodimo maqebekwane. Ba etsetsa medimo e meng dinyehelo tsa dino, hore ba mphephetse ke tle ke utlwe bohloko.


Ho tloha mohla baholoholo ba lona ba tswang naheng ya Egepeta ho fihlela kajeno, ka makgetlokgetlo, le ka matsatsi wohle, ke nnile ka le romela bahlanka ba ka, e leng baporofeta bohle.


Morena Modimo o bua tjena: Erekaha o hafakile ditjhelete tsa hao, wa pepesa bofeela ba hao, ha o ne o etsa bootswa le baratuwa ba hao, le medingwana ya hao e manyala, eo o e etseditseng sehlabelo ka bara ba hao;


Empa wena ha o a ka wa tsamaya mehlaleng ya bona, leha e le ho etsa diketso tsa bona tse manyala; feela e ne eka ke ntho e nyenyane ho wena ha mekgwa ya hao yohle e bodile ho feta ya bona.


Furallang ditshito tsa lona tsohle tseo le sitilweng ka tsona, le be le pelo e ntjha le moya o motjha. Ke hobaneng ha le rata ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?


Yaba ke a kena, mme hohle leboteng ka bona ho entswe ditshwantsho tsa mefuta yohle ya dihahabi, le tsa dibatana tse nyonyehang, le tsa medingwana yohle ya ba ntlo ya Iseraele.


Ha re a ka ra mamela bahlanka ba hao, baporofeta, ba buileng ka lebitso la hao ho dikgosi tsa rona, le ho mahosana a rona, le ho bo-ntata rona, le ho setjhaba sohle sa naha ena.


Na see hase sona seo Morena a neng a se bolele ka baporofeta ba boholoholo, mehleng ya ha Jerusalema e sa na le baahi, mme e atetswe ke nala, yona le metse e e potapotileng, le naha e ka Borwa le e diphuleng?’ ”


Le bile le nako e lekaneng le ntse le phetha tse ratwang ke bahedene, ka ho phela ka bokgopo, ditakatso tse mpe, botahwa, botlofa dijong le dinong, le ka ditshebeletso tsa medimo ya bohata, tse sa dumeleheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos