Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 42:6 - BIBELE

6 Re tla mamela lentswe la Morena Modimo wa rona, eo re o romang ho yena, leha le ka ba monate kapa la ba bohloko, hore ditaba tsa rona di tle di tsamaye hantle, ha re mamela lentswe la Morena Modimo wa rona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Leha ekaba ke ho hotle, kapa ke ho hobe, re tla utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona, eo re o romelang ho yena, hore re tle re hlohonolofale, ha re ka utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 42:6
16 Referencias Cruzadas  

O tla ja tholwana tsa mosebetsi, tsa mosebetsi wa matsoho a hao, o tla ba lehlononolo, o be le katleho.


Ba ne ba ye ba mo qekise ka melomo ya bona, ba mo thetse ka maleme a bona;


Jwale a nka buka ya selekane, a e balla setjhaba moo se ntseng se utlwa, mme sona sa re: “Re tla phetha tsohle tse builweng ke Morena, re di hlomphe.”


Tsebisa ba lokileng hore tsohle di tla loka, ba tla ja ditholwana tsa mesebetsi ya bona.


“Na o tla busa hobane o hahile ka dikedare? Na ntatao yena o na sa je, mme a sa nwe? Empa o nnile a sebetsa ka toka le ka ho loka, yaba o phela hamonate, a phela ka boiketlo.


Kahoo bo-Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho, le setjhaba sohle, ba se ke ba mamela lentswe la Morena, la hore ba ahe naheng ya Juda.


Empa ke ne ke ba nee molao ona, ka re: Ntlhompheng, ke tla ba Modimo wa lona, mme lona le be setjhaba sa ka. Tsamayang ka ditsela tseo ke le laetseng ho tsamaya ka tsona, le tle le phele hamonate.


Na ke ho re ntho e molemo ee e ntliseditse lefu? Le kgale! Ke sebe se ntliseditseng lefu ka ntho ena e molemo, hore se tle se bonahale e le sebe. Ka taelo, sebe e tla ba sebe ka ho fetisisa.


Jwale re tla reng? Na Molao ke sebe? Le kgale! Leha ho le jwalo, nka be ke sa tsebe sebe hoja e se be ka Molao; le takatso nka be ke sa e tsebe, ha Molao o ne o sa re: “O se ke wa lakatsa.”


Ya thahasellang tsa botho ke sera sa Modimo: Ha a ikokobetse tlasa Molao wa Modimo, etswe o a sitwa.


Wena, Moshe, atamela, o mamele tsohle tseo Morena Modimo wa rona, a tla di bua; ebe wena o re bolella tsohle tseo Morena Modimo wa rona, a tla di bua ho wena. Rona re tla di mamela, mme re di phethe.’


Oho, e se eka dipelo tsa sona di ka ba tjena kamehla, sa ntshaba, sa boloka melao yohle ya ka, e le hore sona, le bana ba sona, se tle se atlehe kamehla yohle!


Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona.”


Setjhaba sa re ho Joshua: “Re tla sebeletsa Morena Modimo wa rona, mme re tla mamela lentswe la hae.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos