Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 42:10 - BIBELE

10 ‘Haeba le ka nna la phela naheng ena, ke tla le bopa, ke se ke ka le qhalanya; ke tla le tsitsisa, ke se ke ka le diha, hobane ke inyatsetsa koduwa eo ke ileng ka e dihela hodima lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha le ka boela la aha lefatsheng lena, ke tla le ahisa, mme nke ke ka le timetsa; ke tla le hloma, mme nke ke ka le epolla, hobane ke kgutlile bobeng boo ke le etseditseng bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 42:10
25 Referencias Cruzadas  

Eitse ha lengeloi le otlollela letsoho hodima Jerusalema ho e timetsa, Morena a hauha ha a nahana koduwa eo, mme a re ho lengeloi le neng le timetsa batho: “Ho lekane! Kgaotsa!” Lengeloi leo la Morena le ne le le seotlong sa Arauna wa Mojebuse.


Baditjhaba ba tla hlompha, ba hlomphe lebitso la Morena, le dikgosi tsohle tsa lefatshe di tla hlompha tlotla ya hao.


A hopola selekane sa hae le bona, a ba hauhela ka baka la rato la hae le leholo.


Tshepa Morena, o etse botle, o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso.


Mahodimo le lefatshe di ke di mo rorise, le mawatle le tsohle tse sesang ho wona;


Yaba Morena o fetola morero wa hae wa ho timetsa setjhaba sa hae.


Ke tla ba alosa, ke ba etsetse tse molemo, mme ke ba kgutlisetse naheng ena hape. Ke tla ba bopa, ke se ke ka ba qhalanya; ke tla ba tsitsisa, ke se ke ka ba diha.


“Na Hesekiya, kgosi ya Juda, le bohle ba morabe wa Juda, ba ne ba mmolaye? Na Hesekiya ha a a ka a tshaba Morena, a ithapella ho Morena? Na Morena ha a a ka a hauha, a se ke a ba tlisetsa koduwa eo a neng a ba reretse yona? Re lekgatheng la ho itlisetsa koduwa e tshabehang!”


Empa setjhaba se tla diha molala wa sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, se e sebeletse, sona ke tla se tlohela se nne se be naheng ya sona, se e leme, se phele ho yona,’ ho rialo Morena.”


Jwalokaha ke ile ka hlokomela hore ke ba falatse, ke ba dihe, ke ba lahlele fatshe, ke ba ripitle, ke ba hlokofatse, ka mokgwa o jwalo ke tla hlokomela hore ke ba tsitsise, ke ba hodise,” ho rialo Morena.


Ke tla etsa hore bathopuwa ba Juda le bathopuwa ba Jerusalema ba kgutle, ke ba tsitsise jwaloka pele.


Kahoo bo-Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho, le setjhaba sohle, ba se ke ba mamela lentswe la Morena, la hore ba ahe naheng ya Juda.


Kahoo baditjhaba ba setseng ba le potapotile ba tla tseba hore ke nna Morena, ya tsositseng masupi, a lema masimo a neng a se a letse. Nna Morena, ke buile jwalo mme ke tla phethahatsa.


“Wena Efraime, nka o lahla jwang? Wena Iseraele, ka neelana ka wena jwang? Nka o timetsa sa Adema jwang? Ka o etsisa Seboime jwang? Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo, lerato la ka le a hlasimoloha.


Pelo tsa lona di ke di swabe, ho ena le ho hahola diaparo tsa lona. Kgutlelang ho Morena, Morena Modimo wa lona, hobane o mosa, o mohau, o dieha ho halefa, o tletse lerato, o hauhela ba etsang bokgopo.


Yaba Morena o a hauha, o re: “Sena se ke ke sa etsahala,” ho rialo Morena.


Yaba Morena Modimo o a hauha, o re: “Le sena se ke ke sa etsahala,” ho rialo Morena Modimo.


Yare ha Modimo a bona diketso tsa bona, le kamoo ba baketseng bokgopo ba bona kateng, a ba utlwela bohloko, mme a se ke a ba otla jwalokaha a ne a itse o tla ba otla. A fela a se ke a ba otla.


Jonase a tsamaya hara motse ka letsatsi la pele, a nto howa, a re: “Kamora matsatsi a mashome a mane feela, Ninife e tla be e timeditswe!”


Yaba o rapela Morena, o re: “Ke a o rapela, oho, Morena, na see hase seo ke ileng ka se bolela ke sa le haeso? Ke ka lebaka leo ke ileng ka itlhahanela ho balehela Tarashishe. Ke tsebile hore o Modimo ya mosa, ya nang le kutlwelobohloko; o dieha ho halefa, o tletse mohau, o dieha ho otla.


“ ‘Kamora tsena ke tla kgutla, mme ke tla tsosa ntlo ya Davida e weleng; dithako tsa yona ke tla di tsosa, ke boele ke di emise hape,


“Morena o tla ahlola, a ahlolele tjhaba sa hae, a utlwele bahlanka ba hae bohloko, ha a bona matla a bona a fedile, a sa siye mothopuwa kapa molokolohi.


E ne e ye ere ha Morena a ba hlahisetsa moahlodi, Morena o ne a ye a be le moahlodi eo, a ba pholose matsohong a dira tsa bona, ka matsatsi wohle a ho phela ha moahlodi eo. Morena o ne a ba utlwela bohloko ka baka la ho dumaela ha bona ho bakwang ke ba ba hateletseng, ba ba robokelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos