Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 41:18 - BIBELE

18 ba baleha Bakalatiya. Ba ne ba ba tshaba, hobane Ishemaele, mora wa Netaniya, o ne a ile a bolaya Gedaleya, mora wa Ahikama, eo kgosi ya Babilona e neng e mo kgethile hore e be mmusi wa naha eo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 hobane ba ne ba ba tshaba, hobane Ishmaele, mora Nethania, o ne a bolaile Gedalia, mora Akikame, eo morena wa Babilona a neng a mmeile ho disa naha.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 41:18
11 Referencias Cruzadas  

Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a kgetha Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore e be yena mmusi wa Bajuda ba ileng ba sala moo.


Empa ka kgwedi ya bosupa Ishemaele, mora wa Netaniya, setloholo sa Eleshama wa leloko la kgosi, a tla a ena le banna ba leshome, a fihla a bolaya Gedaleya, a bolaya le Bajuda le Bakalatiya ba neng ba ena le yena moo Misepa.


“Eo le mo tshohang ke mang, eo le mo tshabang hakaale, ke mang, hoo le ileng la ntlhokela botshepehi, la ba la sitwa le ho nkgopola, kapa hona ho nnahana ka pelong tsa lona? Na hase hobane e le kgale ke kgutsitse, ha e le moo le se le sa ntshabe?


Yare Jeremia a eso ka a tsamaya, Nebusaradane a re: “Kgutlela ho Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, ya beilweng ke kgosi ya Babilona hore e be mmusi wa metse ya Juda, o phele le yena hara setjhaba, kapa o ikele kae kapa kae moo o ratang ho ya teng.” Yaba molaodi wa balebedi ba kgosi o mo fa mofao, o mo fa le mpho, o a mo lokolla.


Yaba balaodi bohle ba mabotho le Johanane, mora wa Karea, le Jesaniya, mora wa Hoshaya, le batho bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang, ba a atamela,


Le se ke la tshaba kgosi ya Babilona, eo le e tshabang hona jwale. Le se ke la e tshaba, hobane ke na le lona, ke tla le pholosa, ke le lopolle matsohong a yona, ho rialo Morena.


sabole eo le e tshabang e tla le fumana moo Egepeta, le sekuboto seo le se tshabang se tla le sala morao ho ya fihla moo Egepeta, mme le tla shwela hona teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos