Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 40:7 - BIBELE

7 Ha balaodi bohle ba mabotho, hammoho le bahlabani ba bona ba neng ba le naheng eo, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e kgethile Gedaleya, mora wa Ahikama, hore e be mmusi wa naha, le hore banna, basadi, bana le mafutsana a naha eo, le bohle ba ileng ba sala naheng eo, ba beilwe tlasa hae,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Balaodi kaofela ba makgotla a leng naheng, ba ena le batho ba bona, eitse ha ba utlwa hobane morena wa Babilona o beile Gedalia, mora Akikame, ho disa lefatshe, le hobane o beile matleng a hae banna, le basadi, le bana, le ba banyenyane ba lefatshe, ba neng ba sa ka ba iswa kgolehong, Babilona;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 40:7
14 Referencias Cruzadas  

Empa molaodi wa balebedi a siya mafutsana a naha eo hore a leme masimo a morara le masimo a dijo.


Baahi ba motse oo ba phunya dikgeo marakong, bahlabani bohle ba baleha bosiu, ba tswa ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e pela tshimo ya kgosi. Bakalatiya ba ne ba ntse ba potapotile motse oo. Kgosi ya nka tsela e lebang phuleng.


Empa Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a tlohela karolo e nngwe ya mafutsana a naheng ya Juda, mme a a fa masimo a dijo le dirapa tsa morara.


ba laela hore ho ntshwe Jeremia ka lebaleng la tjhankana, ba neelane ka yena ho Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore a ye le yena lapeng ha hae. Jeremia a nna a phela hara setjhaba sa habo.


Yare ha Sedekiya, kgosi ya Juda, le bahlabani bohle ba ba bona, ba baleha; ba tswa motseng bosiu, ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e lebang tshimong ya kgosi, ba balehela lehwatateng.


Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, a ba isa Babilona hammoho le ba neng ba ile ba ineela ho yena, le masalla wohle a setjhaba.


Ka kgwedi ya bosupa Ishemaele, mora wa Netaniya, setloholo sa Eleshama, eo e neng e le wa madi a borena, e bile e le e mong wa balaodi ba kgosi, a tla ho Gedaleya, mora wa Ahikama, motseng wa Misepa, a ena le banna ba leshome. Yare moo ba ntseng ba eja ba le mmoho,


Yaba Ishemaele o thopa baradi ba kgosi le masalla wohle a setjhaba a neng a le Misepa, ao Nebusaradane, molaodi wa balebedi ba kgosi, a neng a a beile tlasa bodisa ba Gedaleya, mora wa Ahikama. Ishemaele, mora wa Netaniya, a a thopa, a tsamaya le wona, a tshelela mose ho Baamone.


Ha Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho ba neng ba ena le yena, ba utlwela tsa bobe bo entsweng ke Ishemaele, mora wa Netaniya,


Ba nka le banna le basadi, le bana le baradi ba kgosi, le batho bohle bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi ba kgosi, a neng a ba siile le Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, le moporofeta Jeremia, le Baruke, mora wa Neriya.


Nebusaradane a siya mafutsana a naha eo hore a leme masimo a morara le masimo a dijo.


“ ‘Setjhaba sohle sa naha se tla etsetsa kgosana ya Iseraele nyehelo ena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos