Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 40:5 - BIBELE

5 Yare Jeremia a eso ka a tsamaya, Nebusaradane a re: “Kgutlela ho Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, ya beilweng ke kgosi ya Babilona hore e be mmusi wa metse ya Juda, o phele le yena hara setjhaba, kapa o ikele kae kapa kae moo o ratang ho ya teng.” Yaba molaodi wa balebedi ba kgosi o mo fa mofao, o mo fa le mpho, o a mo lokolla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A sa diehile ho araba, eo a re: Hlo o kgutlele ho Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, eo morena wa Babilona a mmeileng ho disa metse ya Juda, o ikahele le yena hara setjhaba, kapa hohle moo ho ka bang hotle ho wena ho ya teng, o ka ya. Yaba molaodi wa balebedi o mo nea mofaho le dimpho, mme a mo fa tsela.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 40:5
24 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya laela moprista Hilekiya, le Ahikama, mora wa Shafane, le Akabore, mora wa Mmikiya, le Shafane eo e neng e le mongodi, le Asaya, mohlanka wa kgosi, ya re:


Jwale moprista Hilekiya, le Ahikama, le Akabore, le Shafane, le Asaya, ba ya ho Hulada, moporofeta wa mosadi, mohatsa Shalome, mora wa Tikefa, setloholo sa Harahase, molebedi wa diaparo tsa Tempele. Moporofeta eo o ne a ahile karolong e ntjha ya Jerusalema. Ba fihla ba buisana le yena.


ya laela Hilekiya, le Ahikama, mora wa Shafane, le Abadone, mora wa Mmika, le Shafane eo e neng e le mongodi, le Asaya, mohlanka wa kgosi, ya re:


Yaba Esera o re: “Ho bokwe Morena Modimo wa bo-ntata rona, ya rutileng kgosi hore e lakatse ho kgabisa Tempele ya Morena e Jerusalema,


Esera enwa ke yena ya ileng a nyoloha Babilona. E ne e le setsebi sa Molao wa Moshe, oo Morena Modimo wa Iseraele, a ileng a fana ka wona. Kahobane Morena Modimo wa hae, a ne a mo hlohonolofaditse, kgosi Aretaseresese a mo nea tsohle tseo a neng a di kopa.


Oho, Morena, ke a o rapela: Ako thee tsebe o mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le thapelo ya bahlanka ba hao, ba tjhesehelang ho hlompha lebitso la hao. Ke a o rapela: Ako atlehise mohlanka wa hao, hona kajeno, mme o etse hore monna enwa a mo hauhele.” Mehleng eo ke ne ke le moqhatsetsi wa kgosi.


hoba Modimo o kokobetsa baikakasi, baikokobetsi bona a ba pholose.


Eo metsamao ya hae e kgahlang Morena, Morena o mo phedisa ka kgotso le dira tsa hae.


Pelo ya kgosi e ka atleng tsa Morena, o e isa moo a ratang sa metsi a molatswana.


Yaba Morena o re: “Ruri wena ke tla o matlafatsa haholo, ruri dira tsa hao di tla be di o rapele, di o rapele nakong ya mahlonoko, di o rapele le nakong ya ditsietsi.


Leha ho le jwalo Ahikama, mora wa Shafane, a buella Jeremia hore a se ke a neelwa setjhaba hore se mmolaye.


ba laela hore ho ntshwe Jeremia ka lebaleng la tjhankana, ba neelane ka yena ho Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore a ye le yena lapeng ha hae. Jeremia a nna a phela hara setjhaba sa habo.


Empa bona, kajeno ke lokolla mahlaahlela a neng a le matsohong a hao. Haeba o bona ho lokela hore o ye le nna Babilona, a re ye, mme ke tla o hlokomela haholo. Empa haeba o bona ho sa lokele ho ya le nna Babilona, le teng o ka itulela. Bona mona, o ka ikela hohle moo o ratang ho ya teng naheng ena eo o leng ho yona.”


Ka kgwedi ya bosupa Ishemaele, mora wa Netaniya, setloholo sa Eleshama, eo e neng e le wa madi a borena, e bile e le e mong wa balaodi ba kgosi, a tla ho Gedaleya, mora wa Ahikama, motseng wa Misepa, a ena le banna ba leshome. Yare moo ba ntseng ba eja ba le mmoho,


ba baleha Bakalatiya. Ba ne ba ba tshaba, hobane Ishemaele, mora wa Netaniya, o ne a ile a bolaya Gedaleya, mora wa Ahikama, eo kgosi ya Babilona e neng e mo kgethile hore e be mmusi wa naha eo.


Ishemaele, mora wa Netaniya, le banna ba leshome, bao a neng a ena le bona ba raoha, ba hlatha Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, ka sabole, ba bolaya ya neng a kgethilwe ke kgosi ya Babilona hore e be mmusi wa naha eo.


Ka le hlahlamang ra fihla Sidone. Juliase a ba mosa ho dumella Paulosi ho ikela ho metswalle ya hae, ho ya hlokomelwa.


Empa molaodi wa ba lekgolo, ka ho rata ho pholosa Paulosi, a ba thibela morerong oo wa bona. A laela ba tsebang ho sesa hore ba itihele metsing pele, ba yo fihla lebopong,


Bao le bona ba re hlompha ka hlompho e kgolo, mme mohla re tsamayang ba re etsetsa mofao.


Ke ka baka leo re leng sebete ho re: “Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshaba letho. Motho a ka nketsang?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos