Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 40:3 - BIBELE

3 Jwale Morena o e phethahaditse, o entse kamoo a itseng o tla etsa kateng hobane le sitetswe Morena, la se ke la mamela lentswe la hae; ka baka lena, koduwa ena e le wetse hodimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mme Jehova o bo hlahisitse, o entse kamoo a neng a boletse kateng, kahobane le sitetswe Jehova, mme ha le a ka la mamela lentswe la hae; ke moo le hlahetsweng ke taba tseo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 40:3
12 Referencias Cruzadas  

Ha ba se ba phomotse ba etsa bokgopo mahlong a hao, wa ba tlohella dira tsa bona tsa ba busa; ba boela ba kgutlela ho wena, ba ipiletsa, wena wa ba utlwa o le hodimong la hao, ka makgetlo wa ba lopolla, ho ya ka mehauhelo ya hao.


Ho tsohle tse re hlahetseng o sebeditse ka toka, o tshepahetse haholo, rona re entse bokgopo.


Morena wa mabotho, yena ya ileng a o etsa, o se a o lokiseditse koduwa, hobane ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba entse bobe ka ho tjhesetsa Baale mokubetso, mme ba mphephetsa hore ke halefe.


“Ditjhaba tse ngata di tla feta pela metse ena, motho ka mong a botse wa habo, a re: ‘Ke ka lebaka lang ha Morena a entse ntho e tjee motseng o moholo hakaale?’


“Tsamaya, o yo bua le Ebede-Meleke wa Mokushe, o re ho yena: ‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bona, ke tla phethahatsa lentswe la ka malebana le motse ona. Ke tla o dihela koduwa, e seng katleho. Tsena di tla phethahatswa moo o ntseng o bona.


Kahobane le ile la tjhesa mokubetso, la sitelwa Morena, la se ka le mamela lentswe la hae, la se ke la ya ka molao wa hae, kapa ka ditaelo tsa hae, kapa ka dikeletso tsa hae, le wetswe ke koduwa ena hodimo, jwalokaha le bona.”


Bohle ba se fumanang ba itjella sona, dira tsa sona tsa re: ‘Rona ha re na molato, hoba se sitetswe Morena, e leng kgulo la sona la sebele, Morena, yena tshepo ya bo-ntata sona.’


Morena o entse seo a neng a se rerile, polelo tsa hae o di phethahaditse, polelo tse neng di bolelwe mehleng ya kgale; o o timeditse a se na mohau, a etsa hore o tlakwe ke dira tsa hao, ba o lwantshang a ba matlafatsa.


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


Jwale re tseba hore tsohle tseo Molao wa Moshe o di bolelang, o di bolella ba leng tlasa Molao oo, hore ho se be ya ka itatolang, mme lefatshe lohle le tle le be tlasa kahlolo ya Modimo.


“Batho ba tla re: ‘Ke hobane ba furaletse selekane sa Morena Modimo wa bo-ntata bona, seo a ileng a se etsa le bona ha a ne a ba ntsha naheng ya Egepeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos