Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 40:12 - BIBELE

12 le bona bohle ba kgutlela ho Gedaleya, naheng ya Juda, motseng wa Misepa, ba etswa dinaheng tsohle tseo ba neng ba qhalanyeditswe ho tsona. Ba kotula morara o mongata le ditholwana tse jewang hlabula.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Yaba Bajuda kaofela ba kgutla dinqalong tsohle tseo ba neng ba qhalanyeditswe ho tsona, ba kgutlela lefatsheng la Juda, ho Gedalia, Mitspe, ba bokella veine le ditholwana tse ngatangata.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 40:12
8 Referencias Cruzadas  

Ha jwang ba thoko bo fedile, jwang bo botjha bo se bo hlahile, mme jwang bo matswapong bo bokeletswe,


Ke llela morara wa Sibema jwalokaha Jasere e llela wa yona, wena Heshebone le wena Elale ke le tshela ka dikgapha! Mehoo e thabelang ho butswa ha morara wa lona, le e thabelang kotulo ya lona e kgaoditse.


Ha e le nna ke tla aha motseng wa Misepa, ke be molomo wa lona ho Bakalatiya ba tlang ho rona, empa lona le lokela ho ya kotula morara le ditholwana tse jewang hlabula, le ole, le e tshele dinkgong tsa lona, le iphelele metseng eo le leng ho yona jwale.”


Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho a neng a ntse a le hara naha, ba tla ho Gedaleya, motseng wa Misepa, ba re ho yena:


Yaba Ishemaele o thopa baradi ba kgosi le masalla wohle a setjhaba a neng a le Misepa, ao Nebusaradane, molaodi wa balebedi ba kgosi, a neng a a beile tlasa bodisa ba Gedaleya, mora wa Ahikama. Ishemaele, mora wa Netaniya, a a thopa, a tsamaya le wona, a tshelela mose ho Baamone.


Empa bo-Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho, ba nka masalla wohle a Juda, a neng a kgutletse naheng ya Juda ho tla aha ho yona, a etswa ditjhabeng tsohle tseo a neng a qhalanetse ho tsona.


Empa haesale re kgaotsa ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, le ho mo etsetsa nyehelo ya dino, re ile ra hloka dintho tsohle, ra bolawa ka sabole, ra bolawa ke sekoboto.”


Dinku tsa ka di solla kahohle dithabeng le maralleng; mohlape wa ka o qhalane kahohle lefatsheng, mme ha ho ya o batlang, leha e le ho o batlisisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos