Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 40:10 - BIBELE

10 Ha e le nna ke tla aha motseng wa Misepa, ke be molomo wa lona ho Bakalatiya ba tlang ho rona, empa lona le lokela ho ya kotula morara le ditholwana tse jewang hlabula, le ole, le e tshele dinkgong tsa lona, le iphelele metseng eo le leng ho yona jwale.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Haele nna, bonang, ke ya aha Mitspe ho ema pela Bakalde ba tlang ho rona; mme lona, le bokelle veine le ditholwana le ole, le di bee dipitseng tsa lona; mme le ahe metseng eo le leng ho yona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 40:10
15 Referencias Cruzadas  

Ha Davida a se a fetafetile tlhoro ya thaba, a bona Siba, mohlanka wa Mefiboshete, a etla nqa ho yena, a kganna ditonki tse pedi, tse qhanehilweng. Di ne di bofile dinkgwa tsa bohobe tse makgolo a mabedi, le diphaphatha tse lekgolo tsa mangangajane a morara, le masihla a lekgolo a ditholwana tse jewang hlabula, le lekuka la veine.


Batho ba hao ba a ithaba; bahlanka bana ba hao, ba o sebeletsang kamehla, ba utlwang bohlale ba hao, le bona ba a ithaba.


Ha o bona motho wa setsebi sa mesebetsi, tseba eo o tla sebeletsa dikgosi, ha a ka ke a sebeletsa bathwana.


Ha jwang ba thoko bo fedile, jwang bo botjha bo se bo hlahile, mme jwang bo matswapong bo bokeletswe,


Ke llela morara wa Sibema jwalokaha Jasere e llela wa yona, wena Heshebone le wena Elale ke le tshela ka dikgapha! Mehoo e thabelang ho butswa ha morara wa lona, le e thabelang kotulo ya lona e kgaoditse.


Jonadabe, mora wa Rekabe, ha a ka ke a hloka setloholo se tla ntshebeletsa,’ ho rialo Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele.”


Empa Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a tlohela karolo e nngwe ya mafutsana a naheng ya Juda, mme a a fa masimo a dijo le dirapa tsa morara.


le bona bohle ba kgutlela ho Gedaleya, naheng ya Juda, motseng wa Misepa, ba etswa dinaheng tsohle tseo ba neng ba qhalanyeditswe ho tsona. Ba kotula morara o mongata le ditholwana tse jewang hlabula.


Jeremia a ya Misepa ho Gedaleya, mora wa Ahikama, a phela le yena hara setjhaba se neng se setse naheng eo.


Empa bo-Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho, ba nka masalla wohle a Juda, a neng a kgutletse naheng ya Juda ho tla aha ho yona, a etswa ditjhabeng tsohle tseo a neng a qhalanetse ho tsona.


Wena morara wa Sibema ke a o llela! Ke o llela le ho feta baahi ba Jasere! Makala a morara wa Sibema a thathaletse, a thathaletse ho ya fihla lewatleng la Jasere, mosenyi o lobetse ditholwana, tholwana tsa lehlabula, o lobetse tholwana tsa morara wa hao.


Ke madimabe hakaakang! Ke ka motho ya reng o kgola tholwana, ya reng o kgola tsa hlabula athe ha di yo. Ke ka rapa sa morara se kgwahlapisitswe; ha ho lesihla la morara le ka jewang, ha ho feiye ya pele eo nka e lakatsang.


Fadimehang ke hona, le rapele ka dinako tsohle, hore le tle le be le matla a ho phonyoha tsena tsohle, tse seng di tla etsahala, le a ho ema pela Mora Motho.”


Empa Joshua, mohlanka wa hao, mora wa Nune, ke yena ya tla kena naheng eo. Mo kgothatse, hobane ke yena ya tla etsa hore naha eo e be lefa la Iseraele.


“Ka matsatsi a supileng, kamorao ho hoba le bokelle tse tswang diotlong tsa lona, le tse tswang ditlhotlelong tsa lona tsa veine, le tla keteke mokete wa maphephe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos