Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:19 - BIBELE

19 “Ke longwa ke mala! Ke longwa ke mala! Botebo ba pelo ya ka bo tletse mahlaba! Pelo ya ka e uba kahare ho nna; nke ke ka kgutsa, hobane ke utlwile modumo wa lenaka le mokgosi wa ntwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Mala a ka! Mala a ka! Jo nna! Mabote a pelo ya ka! Pelo ya ka e a uba, nke ke ka ikgutsetsa, hobane, moya wa ka, o utlwa modumo wa terompeta le mokgosi wa ntwa.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:19
48 Referencias Cruzadas  

Moya wa ka o se kene mererong ya bona, pelo ya ka e se kene mokgatlong wa bona, hobane ha ba halefile ba na ba bolaya batho, ha ba halefetse lefeela ba kgaola dipholo mesifa.


A re ho ntatae: “Hlooho ya ka e a opa! Hlooho ya ka e a opa!” Ntatae a re ho mohlankanyana e mong: “Mo ise ho mmae!”


Moporofeta wa Modimo a sitlolela Hasaele mahlo, ho fihlela a ba a hlajwa ke dihlong, mme yaba moporofeta wa Modimo o a lla.


Pesalema ya Davida. Boka Morena, wena moya wa ka; botho bohle ba ka bo boke bitso la hae le halalelang.


Moya wa ka, ako boele o kgatholohe, hoba Morena o o etseditse tse molemo.


Marameng a ka ho keleketla dikeledi, hoba ha ho ya bolokang Molao wa hao.


Ke halefiswa haholo ke ba kgopo, ba furallang Molao wa hao.


Haleluja! Boka Morena, wena moya wa ka!


Ke re ho Morena: “Ke wena Morena wa ka, ha ke na lehlohonolo ntle ho wena.”


Pelo ya ka e llela ba Moabe, baphaphathehi ba bona ba balehetse Soware, ba baleha ho ya fihla Egelate-Sheleshiya, ba nyoloha ka tsela e yang Lohite, ba nyolohela Lohite ba ntse ba lla, ba llela timelo ya bona ba le tseleng e yang Horanaime.


Pelo ya ka e llela Moabe sa harepa, le yona Kire-Harese e e llela jwalo.


Theka la ka le opa habohloko, ke tshwerwe ke mahlaba sa mosadi a kena tlung, ke kotlobane hoo ke sitwang ho utlwa, ke tshohile hoo ke sitwang ho bona.


Pelo ya ka e a uba, ke thothomela ke tshabo, shwalane eo ke e hlolohetsweng e nkenyeditse letswalo.


Ka baka leo, ke ile ka re: “Se keng la ntjheba, ke lle sa mmokotsane; se ikgathatseng ka ho ntshedisa, ha moradi wa tjhaba sa heso a timeditswe.”


Empa haeba le ke ke la mamela, ke tla llela boikgohomoso ba lona sephiring, mahlo a ka a keleketle dikeledi, hobane mohlape wa Morena o tla bo thopilwe.


Ha ke re: “Ha ke sa tla hlola ke bua ka Morena, ha ke sa tla hlola ke bolela bitso la hae,” ka pelong ya ka ntswe la hae ke malakabe, ke mollo o tukang kahara masapo a ka, ke se ke kgathetse ke ho hlola ke o bipile, ho o mamella le hona ho a ntshita.


Malebana le baporofeta, Jeremia o re: Pelo ya ka e nyahame kahara ho nna, e nyahamisitswe ke baporofeta; masapo a ka wohle a kenwe ke thothomelo. Ka baka la Morena le mantswe a halalelang a hae, ke se ke itshwanela le monna wa letahwa, ke tshwana le monna ya itlopileng veine.


Ke tla bona mokgele ho fihlela neng, ke utlwe modumo wa lenaka ho fihlela neng?


“Bolelang kahara naha yohle ya Juda, le phatlalletse le Jerusalema, le re: ‘Letsang lenaka kahara naha yohle!’ Hlabang mokgosi, le phuthehe, le re: ‘Kgobokanang, le thee theko! Tshabelang metseng, metseng e sireleditsweng!’


eba le re: ‘Tjhe, re tla ikela naheng ya Egepeta, moo re sa tlo hlola re bona ntwa, kapa re utlwa modumo wa lenaka, leha e le hona ho bolawa ke sekoboto, mme re tla phela moo;’


Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla hlaba mokgosi, ke o hlabele Raba ya Baamone: Raba e tla fetoha qubu ya masupi, metse ya yona e tjheswe ke mollo. Jwale Baiseraele ba tla hapa naha ya bona, ba e hape ho ba neng ba e hapile pele,” ho rialo Morena.


Hara naha ho utlwahala mokgosi wa ntwa, tshenyo ya wona ke e kgolo haholo!


Baahi ba Jerusalema ba re: “Botumo ba tjhaba seo re se re bo utlwile, matsoho a rona a lepeletse ke ho fokola; ditlokotsi le tsona di se di re apere, bohloko bo tshwana le ba mosadi, mosadi a kena tlung.


Maswabi a ka nka a mamella jwang? Pelo ya ka e nyahame, e tepeletse.


Jwalokaha tjhaba sa heso se nyahame dipelo, le nna pelo ya ka e nyahame jwalo. Ke kene kahara bofifi, ke tshwerwe ke tshabo.


Hoja hlooho ya ka ke sediba sa metsi, mahlo a ka ebe ke mohlodi wa dikeledi, ke tle ke lle motsheare le bosiu, ke llele tjhaba sa heso se bolailweng.


“Ke tla llela dithaba, ke di hlomohele, makgulo a lehwatata ke a binele kodi-ya-malla, ke a binele hobane a omeletse hoo ho wona ho seng le mofeta-ka-tsela. Motho ha a ka ke a utlwa kgomo e bohla, nonyana tsa lehodimo di balehile, phoofolo tsa naha le tsona di itahlile!


“Ke ka baka la tsona ke llang, mahlo a ka a keleketla dikeledi, hobane motshedisi wa ka o hole le nna, yena ya neng a ka kgatholla moya wa ka. Bana ba ka ba setse ba itlhophere, hobane nna ke hlotswe ke sera sa ka.”


Oho, Morena, bona ke tsielehile! Moya wa ka o ferekane haholo! Pelo ya ka e tshwenyehile haholo, hobane ke o fetohetse haholo! Diterateng sabole e a bolaya, ka matlung ho nkga lefu feela!


Mahlo a ka a foufaditswe, a foufatswa ke dikeledi, moya wa ka o ferekane haholo, bohloko ba pelo ya ka bo tsholohela fatshe, ka baka la ho timetswa ha setjhaba sa heso, ka baka la ho timetswa ha bana le masea, ba timetswa ba le diterateng tsa motse.


Daniele, ya neng a bitswa Beleteshasare, a qeta nakwana a tsielehile haholo, a tshwenyehile. Kgosi ya re ho yena: “Beleteshasare, o se ke wa tshwenngwa ke toro ena, kapa ke tlhaloso ya yona.” Beleteshasare a araba, a re: “Morena ka, eka toro ena e ka be e tobile ba o hloileng, le tlhaloso ya yona e tobile dira tsa hao!


“Nna Daniele, moya wa ka o ile wa utlwa bohloko, mme dipono tseo ke di boneng kelellong ya ka tsa ntshwenya haholo.


“Dipolelo tsena di fella mona. Ha e le nna Daniele, ke ile ka tshwenngwa haholo ke menahano ya ka, ka pudufallwa, empa tsena ya eba sephiri sa ka.”


Yaba nna Daniele, ke a akgeha, mme ka qeta matsatsi a mangata ke kula. Hamorao ke ile ka tsoha, ka nna ka phetha mesebetsi eo ke neng ke e abetswe ke kgosi. Pono ena e ile ya mmakatsa, empa ha ho motho ya neng a ka e utlwisisa.


Ha lenaka le palaola hara motse na setjhaba ha se ke se thothomela? Ha koduwa e wela motse hodimo, na hase Morena ya tlisitseng koduwa eo?


Ha ke utlwa ke ile ka ferekana, ka bebenya melomo ha ke utlwa modumo oo; masapo a ka a qala ho bola, maoto a ka le wona a rerekela. Empa tsatsi la koduwa ke tla le lebella, tsatsi leo ke le lebelle ka mamello, hore le tjhabele tjhaba se re futuhetseng.


“Naheng ya lona, ha le futuha, le eya ho lwantsha sera se le hateletseng, le tla hlaba mokgosi ka diterompeta. Le tla hopolwa ke Morena Modimo wa lona, mme le tla pholoswa direng tsa lona.


Bana beso, takatso ya pelo ya ka, le thapelo eo ke ba rapellang ka yona ho Modimo, ke hore ba pholoswe.


Hona haeba modumo wa terompeta o sa utlwahale hantle, ke mang ya ka hlomellang ntwa?


Bana ba ka, ke boela ke le utlwela bohloko bo kang ba pelehi, ho fihlela Kreste a bopeha ka ho lona.


Molapo wa Kishone wa ba hohola, molapo wa boholoholo, molapo wa Kishone; ba hatakele ka matla, wena moya wa ka!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos