Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 39:7 - BIBELE

7 Jwale ya honya mahlo a Sedekiya, ya mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ho mo isa Babilona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A ntoo honya mahlo a Tsedekia, a mo tlama ka mahlaahlela a koporo ho mo isa Babilona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 39:7
10 Referencias Cruzadas  

Ba bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, yena ba mo honya mahlo, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona.


Ke tla phetha thato ya hao, o se ke wa ntahlela ruri.


Morena o bua tjena: ‘Ke tla etsa hore o itshabe, le metswalle yohle ya hao e o tshabe. Metswalle eo ya hao e tla bolawa ke dira tsa yona ka sabole, mme tsena o tla di bona ka mahlo a hao. Baahi bohle ba Juda ke tla neelana ka bona matsohong a kgosi ya Babilona; yona e tla ba thopa, e ba ise Babilona, e ba bolaye ka sabole.


Ha o ka ke wa phonyoha matsohong a yona; o tla fela o thopuwe, o bewe matsohong a yona. Kgosi eo ya Babilona o tla e bona ka mahlo a hao, o buisane le yona le tadimane, ebe jwale o iswa Babilona.


Morena o bua tjena: ‘Bonang, ke tla neelana ka Faro Hofera, kgosi ya Egepeta, matsohong a dira tsa hae, le matsohong a ba batlang ho mmolaya, jwalokaha ke ile ka neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, sera sa hae se neng se rata ho mmolaya.’ ”


Sedekiya yena ba mo honya mahlo, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, a iswa Babilona, moo a ileng a kenngwa tjhankaneng teng ho fihlela letsatsi la lefu la hae.


Kgosana eo ke tla e tjhehela leraba le tla e tshwasa, ebe ke e isa Babilona, naheng ya Bakalatiya. Le hoja kgosana eo e tla shwela moo, empa e ke ke ya bona naha eo.


Bafilesita ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, ba mo theolela Gasa. Ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, mme mosebetsi wa hae tjhankaneng, ya eba wa ho sila ka lelwala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos