Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 39:15 - BIBELE

15 Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia ha a ne a ntse a kwaletswe ka lebaleng la tjhankana, la re:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Lentswe la Jehova la tla ho Jeremia, ha a ntse a le lebaleng la ntlo ya teronko, la re:

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 39:15
8 Referencias Cruzadas  

Yaba babusi ba halefela Jeremia haholo, ba a mo shapa, ba mo kenya tjhankaneng, ka tlung ya Jonathane, eo e neng e le mongodi wa puso, e leng ntlo eo ba neng ba e fetotse tjhankana.


Yaba kgosi Sedekiya o laela hore ba boloke Jeremia lebaleng la tjhankana, le hore ka tsatsi le leng le le leng a fuwe sengwathwana sa bohobe bo tswang ho ba phehang bohobe, ho fihlela bohobe bo fela motseng moo. Yaba Jeremia o dula moo lebaleng la tjhankana.


Yaba ba hula Jeremia ka mehala, ba mo nyolla ka mokoting. Jeremia a boela a dula lebaleng la tjhankana hape.


Jeremia a dula ka lebaleng la tjhankana ho fihlela ka letsatsi leo Jerusalema e ileng ya hapuwa ka lona. Le yena Jeremia o ne a le teng ha Jerusalema e hapuwa.


ba laela hore ho ntshwe Jeremia ka lebaleng la tjhankana, ba neelane ka yena ho Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore a ye le yena lapeng ha hae. Jeremia a nna a phela hara setjhaba sa habo.


oo ke hlokofatswang ka baka la wona, ke bileng ke leng ditlamong jwaloka sesenyi. Empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos