Jeremia 39:1 - BIBELE1 Ka kgwedi ya leshome ya selemo sa borobong sa puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema ka mabotho a hae wohle, a e etsetsa thibella. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Tsedekia, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome, Nebukadresare, morena wa Babilona, a tla le makgotla a hae kaofela ho lwantsha Jerusalema, mme ba o thibella. Ver Capítulo |
“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Jwalokaha bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa theolelwa hodima baahi ba Jerusalema, ka mokgwa o jwalo kgalefo ya ka e tla theolelwa hodima lona ha le kena Egepeta. Le tla nyediswa, le be sesomo, le rohakwe, le nyefolwe, mme le ke ke la hlola le bona sebaka sena hape.’
Ere ha matsatsi a hao a thibella a fetile, o tjhese sehlopha se le seng sa tsena tse tharo tsa moriri wa hao, o se tjhese o le kahara motse. O nke sehlopha sa bobedi sa moriri wa hao, o o ale ho potapota motse, ebe o o otla ka sabole. Sehlopha sa boraro o se hasanyetse moyeng, mme ke tla se fedisa ka sabole.