Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 38:6 - BIBELE

6 Yaba ba nka Jeremia, ba mo akgela ka mokoting a tjhekilweng ke Malakiya, mora wa kgosi, o neng o le lebaleng la tjhankana, ba mo theolela ka mokoting ka mehala. Ho ne ho se metsi ka mokoting, haese seretse feela. Yaba Jeremia o tetebela seretseng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ba tshwara Jeremia, ba mo lahlela lemeneng la Malkia, mora morena, le neng le le lebaleng la ntlo ya teronko; ba theolela Jeremia teng ka marapo; ho ne ho se metsi lemeneng, empa le le seretse, mme Jeremia a tetebela seretseng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 38:6
19 Referencias Cruzadas  

ba mo nka, ba mo akgela ka ledumeleng. Ledumela lena le ne le se na letho, le se na metsi.


Ba mputsa ka bobe bakeng sa botle, le lehloyo bakeng sa lerato.


Ke ile ka lebella Morena ka mamello; a retelehela ho nna, a mamela sello sa ka.


Ako mpholose Modimo, hobane metsi a a nkgama.


Ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a ne a etseditse Jerusalema thibella, mme moporofeta Jeremia o na kwaletswe ka lebaleng la tjhankana e neng e le ka tlung ya kgosi ya Juda.


Yaba kgosi e laela kgosana Jerahameele, le Seraya, mora wa Aseriele, le Shelemiya, mora wa Abedele, hore ba tshware Baruke, eo e neng e le mongodi, le moporofeta Jeremia, empa Morena a ba pata.


Jeremia a lahlelwa ka tjhankaneng e lefifi e katlasa ntlo, mme a hlola teng nako e telele.


Yaba kgosi Sedekiya o laela hore ba boloke Jeremia lebaleng la tjhankana, le hore ka tsatsi le leng le le leng a fuwe sengwathwana sa bohobe bo tswang ho ba phehang bohobe, ho fihlela bohobe bo fela motseng moo. Yaba Jeremia o dula moo lebaleng la tjhankana.


Yaba ba hula Jeremia ka mehala, ba mo nyolla ka mokoting. Jeremia a boela a dula lebaleng la tjhankana hape.


Basadi bohle ba setseng ka tlung ya kgosi ya Juda ba tla tliswa ho mahosana a kgosi ya Babilona; basadi bao ba tla re ho wena: “ ‘Metswalle ya hao eo kgelositse ya ba ya o hlola, metswalle ya hao eo e ne le letshepa la hao; maoto a hao a qahilwe tebetebeng, metswalle ya hao e o lahlile.’


Yaba kgosi e laela hore ba tlise Daniele, mme ba mo akgela ka mokoting o moholo wa ditau. Jwale kgosi ya re ho Daniele: “Modimo wa hao, eo o mo sebeletsang ka botshepehi, o tla o pholosa!”


Morena o re: “Ka baka la selekane sa rona le wena, se tiisitsweng ka madi a mahlabelo, bathopuwa ba hao ke tla ba lokolla, ke ba ntshe ledumeleng le se nang metsi.


Yena ha a fumane taelo e jwalo, a ba hlahlela kaharehare ho tjhankana, a tlamella maoto a bona pakeng tsa dikoqo.


Le sa hloka mamello, e le hore, ka ho phetha thato ya Modimo, le tle le amohele seo le se tshepisitsweng,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos