Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 37:5 - BIBELE

5 Ka nako eo lebotho la Faro le ne le tswile Egepeta. Yare ha Bakalatiya, ba neng ba thibeletse Jerusalema, ba utlwela taba tseo, ba tloha Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Makgotla a Faro a ne a tswile Egepeta; Bakalde ba neng ba thibella Jerusalema ba ne ba utlwile taba tseo, mme ba ne ba tlohile pela Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 37:5
7 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya Egepeta ya se ke ya hlola e futuha, hobane kgosi ya Babilona e ne e hapile tsohle tseo e neng e le tsa kgosi ya Egepeta, ho tloha molatswaneng wa Egepeta, ho ya fihla nokeng ya Euferatese.


“Ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le mahosana a hae, matsohong a dira tsa bona le matsohong a ba batlang ho ba bolaya, e leng matsohong a bahlabani ba kgosi ya Babilona ba ileng ba kokotoloha, ba kgutlela hae.


Ha lebotho la Bakalatiya le se le tlohile Jerusalema ka lebaka la ho tshaba lebotho la Faro,


Lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Jeremia, la re:


“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le tle le bolelle kgosi ya Juda e le rommeng ho nna, le re: ‘Bona mona, lebotho la Faro le tlileng ho tla le thusa le tla kgutlela Egepeta, naheng ya habo lona.


Empa kgosana e ile ya fetohela kgosi ya Babilona, ya romela maqosa a yona Egepeta, ya kopa hore e thuswe ka dipere le ka bahlabani ba bangata. Na kgosana eo e tla atleha? Na ya etsang tse tjee a ka phonyoha? Na a ka senya selekane yaba o a lopoloha?


Esita le Faro, ka lebotho la hae le matla, le ka setjhaba sa hae se sengata, ha a ka ke a mo thusa ka letho ntweng, ha setjhaba sa Babilona se haha marako a thibella le diqhobosheane hore se tle se bolaye batho ba bangata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos