Jeremia 36:3 - BIBELE3 Mohlomong ba morabe wa Juda ba tla utlwa dikoduwa tsohle tseo ke rerileng ho ba dihela tsona, mme motho ka mong a bake mekgweng ya hae e mebe, ebe ke ba tshwarela bokgopo ba bona le sebe sa bona.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Ekaba ba ntlo ya Juda ba tla nahana bobe bohle boo ke hopotseng ho ba etsetsa jona, hore ba bake e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, ke ba leselle bokgopo ba bona le sebe sa bona. Ver Capítulo |
Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.