Jeremia 32:7 - BIBELE7 ‘Bona, Hanamele, mora wa rangwanao Shalome, o tla fihla ho wena, a re: Ithekele tshimo ya ka e Anatote, hobane o na le tokelo ya ho ithekela yona.’ Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)7 Bona, Hanameele, mora Shallume, ngwanabo ntatao, o ya tla ho wena, a re: Ithekele tshimo ya ka e Anathothe, hobane ke wena ya nang le tokelo ya topollo ho e reka. Ver Capítulo |
“Yaba Hanamele, mora wa rangwane, o fihla ho nna ka lebaleng la tjhankana, ho ya ka polelo ya Morena, o re ho nna: ‘Ako reke tshimo ya ka e Anatote, naheng ya Benjamine hle, hobane o na le tokelo ya bojalefa le ya ho lopolla. Ithekele yona.’ “Yaba ke a tseba, he, hore lena ke lona lentswe la Morena.