Ka nea Baruke, morwa wa Neriya, setloholo sa Maasiya, lengolo la theko moo mora wa rangwane, Hanamele, a leng teng, le moo dipaki tse ingotseng mabitso a tsona lengolong la theko di leng teng, le moo Bajuda bohle ba neng ba dutse ka lebaleng la tjhankana ba ntseng ba bona.
‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Nka mangolo ana a mabedi a theko, e leng le tiisitsweng le le sa kwalwang, o a boloke ka nkgong ya letsopa, hore a tle a bolokehe nako e telele.