Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 30:3 - BIBELE

3 Bonang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda se bothopuweng, ke tla se kgutlisetsa naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata sona, hore e be ya bona,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla kgutlisa ba kgolehong ba setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda, ho bolela Jehova, ke ba busetse lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ba tle ba le rue.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 30:3
45 Referencias Cruzadas  

Ka kgwedi ya bosupa, ha bana ba Iseraele ba se ba tsitsitse metseng ya bona, setjhaba sa kgobokanela Jerusalema, ka kgopolo e le nngwe.


Empa baprista, le Balevi, le dihlooho tsa malapa, bao e neng e se e le maqheku, ba neng ba ile ba bona ha motheo wa Tempele ya pele o ralwa, ba lla haholo, ha ba bona ho ralwa motheo wa Tempele ena, empa ba bangata bona ba etsa ditlatse tsa thabo.


Ka kgwedi ya bobedi ya selemo sa bobedi ba fihlile Tempeleng ya Modimo Jerusalema, Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, le bana babo bona ba bang, e leng baprista le Balevi, le bohle ba fihlileng Jerusalema, bao e neng e le bathopuwa, ba qala mosebetsi. Ba kgetha Balevi, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, hore ba okamele mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena.


Morena, ako kgutlise ba habo rona, ba habo rona ba bothopuweng, ba kgutle sa melatswana e phallang, e phallelang Lehwatateng la Borwa.


Jwale ba tla tshoha haholo, ba tshohe kantle ho lebaka, hobane Modimo o tla qhalanya masapo, masapo a ba neng ba o thibeletse. O tla ba hlabisa dihlong, mohla Modimo a ba lahlang.


Empa ho tla thwe: ‘Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a nyolla bana ba Iseraele naheng e ka leboya, le dinaheng tsohle tseo a neng a ba leleketse ho tsona,’ hobane ke tla ba kgutlisetsa naheng eo ke ileng ka e nea bo-ntata bona moholo.”


“Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla tsosa lehlomela le lokileng la Davida, kgosi e tla busa, e sebetse ka bohlale, e sebetse ka toka le ka ho loka lefatsheng.


Empa setjhaba se tla diha molala wa sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, se e sebeletse, sona ke tla se tlohela se nne se be naheng ya sona, se e leme, se phele ho yona,’ ho rialo Morena.”


‘E tla nkwa, e iswe Babilona, mme e tla ba moo ho fihlela letsatsi leo ke tla e lata ka lona,’ ho rialo Morena, ‘mme mohlang oo ke tla nyoloha le yona, ke e kgutlisetse sebakeng sena.’ ”


“Morena o bua tjena: ‘Ha dilemo tse mashome a supileng tse baletsweng Babilona di fela, ke tla le hopola, ke phethahatse tshepiso ya ka ya ho le hauhela ke le kgutlisetsa sebakeng sena.


Le tla mphumana,’ ho rialo Morena, ‘mme ke tla le kgutlisa bothopuweng. Ke tla le phutha ditjhabeng tsohle le dinaheng tsohle tseo ke le leleketseng ho tsona,’ ho rialo Morena, ‘ke le kgutlisetse sebakeng seo ke neng ke le nke ho sona, ka le isa bothopuweng.’


Ka nako eo, ba ntlo ya Juda ba tla kopana le ba ntlo ya Iseraele, ba falle mmoho naheng e ka leboya, ba fallele naheng eo ke e neileng bo-ntata lona moholo hore e be lefa la lona.”


“Ka baka leo, se tshabe letho, wena mohlanka wa ka Jakobo,” ho rialo Morena. “Se tsielehe, wena Iseraele, ke tla o pholosa o le bakeng se hole, ke lopolle tloholo tsa hao naheng ya bothopuwa; tjhaba sa ka se tla kgutla, se phele ka kgotso, se phele ka boiketlo, ho se ya se tshosang.


Morena o bua tjena: “Ke tla kgutlisa tjhaba sa ka, ke se kgutlisetse naheng ya sona, lelapa ka leng ke le hauhele. Masupi a Jerusalema a tla tsoswa, le yona ntlo ya bokgosi e be e tsoswe.


Ana ke mantswe ao Morena a neng a a bue malebana le setjhaba sa Iseraele le sa Juda.


Morena o bua tjena: “Kgaotsa ho lla, o hlakole meokgo mahlong, hoba mosebetsi wa hao o tla fumana moputso,” ho rialo Morena. “Ba tla boela ba kgutla kwana naheng ya dira.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Ha ke se ke kgutlisitse setjhaba sena bothopuweng, baahi ba Juda le ba metsana ya yona ba tla boela ba bua tjena: “ ‘Morena a o hlohonolofatse, wena leaho la toka, wena o leng thaba e halalelang.’


“Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla atisa batho ba ntlo ya Iseraele, le ba ntlo ya Juda, ke be ke atise le tsona diphoofolo.


“Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla etsa selekane se setjha, ke se etse le ba ntlo ya Iseraele, le ba ntlo ya Juda.


“Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona motse ona o tla tsoswa ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla Kgorong e Hukung.


Empa bona, ke tla phutha setjhaba sena dinaheng tsohle tseo ke neng ke se lelekele ho tsona, ha ke ne ke halefile, ke loloma ke bohale, kgalefo ya ka e tlokoma. Ke tla se kgutlisetsa hape sebakeng sena, ke etse hore se phele ho sona ka kgotso.


Batho ba tla reka masimo ka tjhelete, ho ngolwe ho be ho tiiswe mangolo a theko, ho bitswe dipaki tse tswang naheng ya Benjamine le dibakeng tse haufi le Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e dithabeng, le metseng e ka dikgohlong, le metseng e ka Borwa. Ke tla etsa hore bathopuwa ba kgutle, ho rialo Morena.”


ke ne ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, mme ke ne ke sa tlo kgetha e mong wa bara ba hae ho busa ditloholo tsa Aborahama le tsa Isaka le tsa Jakobo. Ke tla kgutlisa bathopuwa bothopuweng ba bona, ke boele ke ba hauhele.”


Dikoduwa tsohle tse tla hlahela Babilona, Jeremia o ne a di ngotse bukeng, tsohle tse neng di ngotswe malebana le Babilona.


Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena, ha ke le fihlisa naheng ya Iseraele, naha eo ke hlapantseng ka re ke tla e nea bo-ntata lona.


Ke tla di ntsha hara ditjhaba, ke di phuthe dinaheng disele, ke di kgutlisetse ha habo tsona. Ke tla di alosetsa dithabeng tsa Iseraele, le dikgohlong, le metseng yohle ya naha eo.


“Ke tla le ntsha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tsohle, ke le kgutlisetse naheng ya habo lona.


Le e arolelane ka ho lekana. Naha ena e tla ba lefa la lona, hobane ke ne ke hlapanyetse baholoholo ba lona hore ke tla ba nea yona.


“Bonang, ka matsatsi ao, ka yona nako eo, ke tla atlehisa ba Juda le ba Jerusalema.


E tla ba ya masalla a ba ntlo ya Juda, moo a alosetsang mehlape ya wona teng. Mantsiboya a tla botha ka matlung a Ashekelone, Morena Modimo wa wona, a a baballe, a a buseletse boiketlo ba wona.”


Mohla tsatsi leo ke tla le kgobokanya, ke le kgobokanye, le kgutlele hae. Thabo le tlotla di tla le aparela, le le hara tjhaba tsohle tsa lefatshe, mohla ke le kgutlisetsang ha habo lona, ke le kgutlisa le ntse le tadimile,” ho rialo Morena.


A re ho barutuwa: “Ho tla tla matsatsi ao ka wona le tla labalabela ho bona le leng la matsatsi a Mora Motho, empa le ke ke la le bona.


O tla fihlelwa ke matsatsi, ao ka wona dira tsa hao di tla o etsetsa thibella, di o teele hare, di o patise kahohle,


“Ha e le tseo le di bonang, ho tla tla matsatsi ao ka wona ho ke keng ha siuwa lejwe hodima lejwe le leng le sa heletswa.”


Morena Modimo wa lona, o tla le kgutlisa bothopuweng, a le hauhele, mme a boele a le phuthe ditjhabeng tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a le qhalanyeditseng hara tsona.


Morena Modimo wa lona o tla le kgutlisetsa naheng eo e neng e le ya bo-ntata lona, e be ya lona. Morena o tla le atlehisa, a le ngatafatse ho feta bo-ntata lona.


Empa jwale Modimo o nyatsa setjhaba sa hae, ha a re: “Bonang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona ke tla etsa selekane se setjha, ke se etse le ba ntlo ya Iseraele, le ba ntlo ya Juda.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos