Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 3:1 - BIBELE

1 Morena o re: “Ha monna a hlala mosadi wa hae, mosadi a mo tlohela, a nyalwa ke monna osele, na monna a ka kgutlela ho yena? Naha e ka silafala kahohle! O bile seotswa sa banna ba le bangata, na o ka boela wa kgutlela ho nna hape?” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ho itswe: Ekareha monna a hlala mosadi wa hae, mme mosadi eo a tloha ho yena, a ya nyalwa ke monna e mong, na monna eo a ka boelana le yena? Ha ke re, naha e ka silafala hohle ka ho jwalo? Haele wena, o nnile wa ineela bofebe le dinyatsi tsa hao tse ngata, mme o ne o tla boela ho nna na? ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 3:1
34 Referencias Cruzadas  

Ba tsholla madi a se nang molato, madi a bara le baradi ba bona, ba ba etsa mahlabelo a medimo, medimo ya ditshwantsho ya Kanana: Naha ya silafala ke madi.


Fatshe le silafaditswe ke baahi ba lona, ba tlotse melao, ba robile ditaelo; ba sentse selekane sa kamehla yohle.


“Joko ya hao ke kgale o no e robe, marapo a yona wona wa a kgaola, wa re: ‘ha ke sa tla ba lekgoba la hao!’ Yaba o hlwella hodima maralla, tlasa difate tse talana wa lelera, wa paqama fatshe ho etsa bootswa.


“O ka bua jwang, wa re: ‘Ha ke a silafala; ha ke a ka ka petlapetla kamora bo-Baale?’ Hlahloba boitshwaro ba hao ba ka kgohlong, o nahane seo o ileng wa se etsa! O tshwana le kamele e palesitse, e parakanya, e kgaohanya tsela tsa yona;


Ke le tlisitse naheng e manoni, hore le je tholwana tsa yona le menate ya yona; empa ha le fihla le ile la e silafatsa, lefa la ka la le fetola manyala.


“Nyolohela Lebanone, o yo howa hona teng, o meketse, ntswe la hao le yo utlwahala Bashane, o meketse haholo o le thabeng tsa Abarime, hoba baratuwa ba hao bohle ba timeditswe.


“Kgutlang lona bana ba bakwenehi! Bokwenehi boo ba lona ke tla bo phekola!” “Bona, ke rona bana, re tla ho wena, hobane o Morena, Modimo wa rona.


Kahoo Iseraele o silafaditse naha ka bootswa ba hae bo se nang dihlong, a etsa bofebe ka ho kgumamela majwe le difate.


O tla phaila ho le hokae, wena moradi ya hlokang botshepehi? Morena o etseditse lefatshe ntho e ntjha: Mosadi o tla sireletsa monna!”


Morena o re: “Ha o rata ho kgutla, wena Iseraele, kgutlela ho nna. Ha o ka tlosa manyala a hao mahlong a ka, wa se ke wa hlola o kgeloha hape;


Hlatswa bokgopo pelong ya hao, o bo hlatswe, o pholohe Jerusalema; pelo ya hao e tla kwetla mehopolo, e kwetle mehopolo e kgopo ho fihlela neng?


Jerusalema o lla sa mmokotsane bosiu, keledi di keleketla marameng a hae. Hara baratuwa bohle ba hae, ha ho le ya mong ya mo tshedisang. Metswalle ya hae yohle e mo ekile, metswalle e fetohile dira tsa hae.


O bile o entse bootswa le Baegepeta ba ahisaneng le wena, ba tletseng ditakatso tsa nama, wa totisa bootswa bona ba hao, mme wa nkgalefisa.


“ ‘O tjhatjheha hakaakang ha o etsa dintho tsee, o etsisa seotswa se hlokang dihlong! ho rialo Morena Modimo.


“ ‘Ka baka leo, wena seotswa towe! utlwa lentswe la Morena.


Ere ho bona: ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?’


Ha Morena a qala ho bua le Hosea a na a re ho yena: “Tsamaya, o yo nyala, o nyale mosadi wa seotswa, o inkele le bana, bana ba bootswa ba hae, hobane lefatshe le furaletse Morena, la mo furalla ka ho hloka botshepehi.”


“Kgalemang mma lona, le mo kgaleme, hoba yena ha e sa le mosadi wa ka, le nna ha ke sa le monna wa hae. Lebososelo la bootswa a le fedise, dinyatsi di tlohe sefubeng sa hae.


Emang, le tsamaye, le tlohe mona! Baka sena hase sa lona sa ho phomola, ka baka la hobane se silafetse, se senyehile, se ke ke sa hlola se loka.


Ka baka leo, bolella setjhaba sena, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Kgutlelang ho nna,’ ho rialo Morena wa mabotho, ‘le nna ke tla kgutlela ho lona,’ ho rialo Morena wa mabotho.


“Ho ile ha thwe: ‘Mang le mang ya hlalang mosadi wa hae a mo fe lengolo la tlhalo.’


ngwanana eo o tla iswa monyakong wa ntlo yabo ebe banna ba motse wa habo ba mo tlepeletsa teng ka majwe, a be a shwe, hobane o sitetswe Iseraele ka ho etsa bohlola a ntse a le lapeng labo. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona.


Mosadi eo wa hae wa lefielo a mo qaka ka ho iphetola seotswa. A mo tlohela, a kgutlela tlung ya ntatae, Betlelehema e Juda, a dula teng nako ya kgwedi tse nne.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos