Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 28:9 - BIBELE

9 Ha mantswe a moporofeta ya porofetang kgotso a phethahala, ho tla tsejwa hore moporofeta eo o ne a fela a ronngwe ke Morena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Haele moporofeta ya porofetang tsa kgotso, ha lentswe la moporofeta eo le ka etsahala, moporofeta eo o tla tsejwa kahoo hobane o romilwe ke Jehova kannete.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 28:9
9 Referencias Cruzadas  

Ke nna ya phethahatsang polelo tsa mohlanka wa ka, ya phethisang merero ya baromuwa ba ka, ya reng ho Jerusalema: ‘O tla ba le baahi!’ ya reng ho metse ya Juda: ‘Le tla hahuwa!’ ho dithako tsa yona: ‘Ke tla le tsosa!’


Yaba ke re: “Ao! Morena Modimo, ako bone! Ke baporofeta ba ntseng ba re ho sona: ‘Le ke ke la bona sabole kapa la bolawa ke sekoboto. Ruri ke tla le nea kgotso ya kamehla yohle sebakeng sena.’ ”


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo, ruri o thetsitse setjhaba sena, le yona Jerusalema, ka ho re: ‘Le tla ba le kgotso,’ athe re se re le lekgatheng la ho bolawa ka sabole.”


Maqeba a tjhaba sa ka ba a a oka jwalokaha eka ba oka mengwapo. ‘Kgotso! Kgotso!’ ba rialo ho batho, le hoja ba tseba hore kgotso eo ha e yo.


Maqeba a tjhaba sa ka ba a a oka, ba a oka jwalokaha eka ba oka mengwapo. “Kgotso! Kgotso!” ba rialo ho batho, le hoja ba tseba hore kgotso eo ha e yo.


“Ha tsena di phethahala, mme di tla fela diphethahale, ke hona ba tla tseba hore moporofeta o ne a le teng hara bona.”


“Mohlomong le ka nna la re ka dipelong tsa lona: ‘Dipolelo tseo Morena a sa kang a di bua re tla di tseba jwang?’


Ha moporofeta a bua ka lebitso la Morena, empa ntho eo a e buang e sa etsahale, e sa phethahale, ntho eo ke e sa buuwang ke Morena. Moporofeta eo o e buile ka boikakaso; le se ke la mo tshaba.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos