Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 28:1 - BIBELE

1 Ka kgwedi ya bohlano ya selemo sa bone sa ho qaleha ha puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, ka sona selemo seo, Hananiya, mora wa moporofeta Asure, ya neng a etswa Gibeone, a bua ho nna re le ka Tempeleng ya Morena, moo ho leng teng baprista le setjhaba sohle, a re:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Selemong sona seo, tshimolohong ya puso ya Tsedekia, morena wa Juda, selemong sa bone, ka kgwedi ya bohlano, Hanania, mora Assure, moporofeta wa Gibeone, a mpolella ditaba pontsheng ya baprista le ya setjhaba kaofela ka tlung ya Jehova, a re:

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 28:1
22 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya ya Gibeone ho ya etsetsa mahlabelo teng, hobane sebaka seo e ne e le sa borapedi se tumileng. Solomone a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima aletare e hona teng.


Sedekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hamutale, moradi wa Jeremia eo hahabo e neng e le Lebena.


Sedekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema.


Baholo le bahlomphehi ke yona hlooho, moporofeta wa bohata ke wona mohatla.


Moporofeta ya lorileng toro a ke a bolele toro eo, le ya tsebang lentswe la ka a ke a le bolele ka botshepehi. Mmoko ke eng, ha o bapiswa le koro?” ho rialo Morena.


Tshimolohong ya puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re:


Le ho Sedekiya, kgosi ya Juda, ka bua wona mantswe ana wohle, ka re: “Dihang melala ya lona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, le e sebeletse, le tle le phele.


Ebe o romela molaetsa ho kgosi ya Edomo, le ho kgosi ya Moabe, le ho kgosi ya Baamone, le ho kgosi ya Tire, le ho kgosi ya Sidone; o o romele ka maqosa a tlileng Jerusalema ho Sedekiya, kgosi ya Juda.


Hananiya a bua moo setjhaba sohle se ntseng se le teng, a re: “Morena o bua tjena: ‘Ho eso fete dilemo tse pedi, joko ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, e melaleng ya ditjhaba tsohle, ke tla e roba ka wona mokgwa ona.’ ” Yaba moporofeta Jeremia o a itsamaela.


Yaba Hananiya o shwa ka kgwedi ya bosupa ya sona selemo seo.


Jwale moporofeta Jeremia, moo baprista le setjhaba sohle se neng se eme ka Tempeleng ya Morena se ntseng se le teng, a araba moporofeta Hananiya.


“Mohlomong le ka re: ‘Morena o re hlahiseditse baporofeta mona Babilona,’


a theohela tlung ya kgosi, a kena ka kamoreng ya mongodi wa puso. Ka teng a fumana mahosana wohle a dutse, e leng: Eleshama, eo e neng e le mongodi wa puso, le Delaya, mora wa Shemaya, le Elenathane, mora wa Akabore, le Gemariya, mora wa Shafane, le Sedekiya, mora wa Hananiya, le mahosana a mang wohle.


Eitse ha a fihla Monyako wa Benjamine a fumana molaodi wa balebedi moo, eo lebitso la hae e neng e le Jiriya, mora wa Shelemiya, setloholo sa Hananiya. Yaba Jiriya o tshwara moporofeta Jeremia, o re: “Wena o ilo ineela ho Bakalatiya!”


Ba kae jwale baporofeta ba hao, ba ileng ba o porofetela, ba re: ‘Kgosi ya Babilona ha e ka ke ya o futuhela, kapa ya futuhela naha ena?’


Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Elame, mehleng ya ha Sedekiya, kgosi ya Juda, a ne a qala ho busa, la re:


Ona ke molaetsa oo Jeremia a neng a o nee molaodi Seraya, mora wa Neriya, setloholo sa Maasiya, ha a ne a eya Babilona, a ena le Sedekiya, kgosi ya Juda, ka selemo sa bone sa puso ya Sedekiya.


Dipono tsa bona ke tsa mafeela, le boporofeta ba bona ke ba leshano. Ba re: “Morena o re,” empa Morena a sa ba roma, mme ba lebella hore dipolelo tsa bona di phethahatswe!


“Ka bokgopo ba bona ba thabisa kgosi, ba thabise le mahosana ka mashano a bona.


Ka lona letsatsi leo, leo Morena a ileng a neelana ka Baamore ho bana ba Iseraele ka lona, Joshua a bua ho Morena, moo Baiseraele ba ntseng ba bona, a re: “Wena, letsatsi, ema themelele! hodima Gibeone! Le wena kgwedi, themelele! hodima Aiyalone!”


Empa ha baahi ba Gibeone ba utlwa seo Joshua a se entseng Jeriko, le Ai,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos