Jeremia 27:9 - BIBELE9 ‘Ka baka leo, lona le se ke la mamela baporofeta ba lona, kapa dinohe tsa lona, kapa mathuela a lona, kapa baupi ba lona, kapa baloi ba lona, ba reng ho lona: Le ke ke la sebeletsa kgosi ya Babilona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)9 Mme lona he, le se ke la mamela baporofeta ba lona, leha e le dinohe tsa lona, leha e le balori ba lona, leha e le dingaka tsa lona, leha e le baupelli ba lona, ba le bolellang, ba re: Le ke ke la sebeletsa morena wa Babilona. Ver Capítulo |
“Ke hanyetsana le ba porofetang ditoro tsa mashano, ba be ba di bolele, ba etse hore setjhaba sa ka se kgelohe ka baka la mashano ao a bona le boithoriso boo ba bona, athe ke ne ke sa ba roma, le ho ba laela ke sa ba laela,” ho rialo Morena. “Ka baka lena, ha ba etsetse setjhaba sena molemo,” ho rialo Morena.