Sedekiya, mora wa Kenaneya, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, mme a re: “Morena o bua tjena: ‘Ka dinaka tsena o tla sututsa Baarame, ho fihlela o ba timetsa.’ ”
Empa setjhaba se tla diha molala wa sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, se e sebeletse, sona ke tla se tlohela se nne se be naheng ya sona, se e leme, se phele ho yona,’ ho rialo Morena.”
Le ho Sedekiya, kgosi ya Juda, ka bua wona mantswe ana wohle, ka re: “Dihang melala ya lona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, le e sebeletse, le tle le phele.
Mohla ke robang joko ya Egepeta, motse wa Tahepanehese o tla aparelwa ke lefifi, matla a wona a boikgohomoso, wona a fele. Leru le letsho le tla kwahela Egepeta, baahi ba yona ba iswe bothopuweng.
Sena ke seo Morena Modimo a ileng a mpontsha sona: Ha ho se ho hetswe karolo ya jwang, eo e leng ya kgosi, jwang bo qala ho hloma hape, Morena a hlahisa boiyane ba ditsie.
Sena ke seo Morena a ileng a boela a mpontsha sona: Morena Modimo o ne a itokisetsa ho tla ahlola ka mollo, mme mollo o ile wa pshesa madiba a mawatle, wa tjhesa naha.