Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 23:9 - BIBELE

9 Malebana le baporofeta, Jeremia o re: Pelo ya ka e nyahame kahara ho nna, e nyahamisitswe ke baporofeta; masapo a ka wohle a kenwe ke thothomelo. Ka baka la Morena le mantswe a halalelang a hae, ke se ke itshwanela le monna wa letahwa, ke tshwana le monna ya itlopileng veine.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Taba e nyatsang baporofeta. Pelo ya ka e robehile kahare ho nna, masapo a ka kaofela a ntse a tetema, ke jwaloka motho ya tahilweng, le jwaloka motho ya hlotsweng ke veine, pela Jehova le pela lentswe le hlwekileng la hae.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:9
21 Referencias Cruzadas  

Modimo, o re lahlile, o re ripitlile; o ne o halefile, empa jwale ako kgutle, o kgutlele ho rona.


Wena o tseba sekgobo sa ka, le dihlong tsa ka, le ho tlontlollwa ha ka; ba ntwantshang o ba tseba kaofela.


Ho madimabe mofaphlooho wa botlotlehi, oo matahwa a Efraime a kgabang ka wona! Ho madimabe thunthung e ponang, eo e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, eo matahwa a ikgantshang ka yona!


Tsherehanang le thotofale! Iphoufatseng le sitwe ho bona! Tahwang empa le sa nwa veine! Ratseelang empa le sa nwa jwala!


Ka baka lena, mamela mona, wena ya otlilweng, ya tahilweng, le hoja o sa tahwa ke veine.


Yaba ke re: “A nna elwa! Ke madimabe hakaakang! Ke timetse! Ke motho ya puo di mpe, mme ke phela hara setjhaba se dipuo di mpe. Mahlo a ka a bone Kgosi, Morena wa mabotho.”


Ha ke re: “Ha ke sa tla hlola ke bua ka Morena, ha ke sa tla hlola ke bolela bitso la hae,” ka pelong ya ka ntswe la hae ke malakabe, ke mollo o tukang kahara masapo a ka, ke se ke kgathetse ke ho hlola ke o bipile, ho o mamella le hona ho a ntshita.


Yare hoba mahosana a utlwe mantswe ao wohle, a shebana a tshohile haholo, a re: “Ruri re tla tsebisa kgosi ditaba tsena tsohle!”


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”


Maswabi a ka nka a mamella jwang? Pelo ya ka e nyahame, e tepeletse.


Hoja hlooho ya ka ke sediba sa metsi, mahlo a ka ebe ke mohlodi wa dikeledi, ke tle ke lle motsheare le bosiu, ke llele tjhaba sa heso se bolailweng.


O ntlopile tse babang sa leshokgwa, a ba a ntlopa le lona lengana.


Morena Modimo o bua tjena: Ho madimabe baporofeta ba dithoto, ba porofetang tsa bona, empa ba sa bona letho!


Morena a re ho yena: “Tsamaya hara motse wohle wa Jerusalema, mme bohle ba hlomohileng, ba lliswang ke manyala wohle a etswang hara motse ona, o ba tshwaye diphatleng.”


Le ba bolaye kaofela: Maqheku le bahlankana le barwetsana le basadi le bana, empa bohle ba tshwailweng le se ke la atamela pela bona. Le hle le qale ka Sehalalelong sa ka.” Yaba ba qala ka baholo ba neng ba le kapele ho Tempele.


Yaba nna Daniele, ke a akgeha, mme ka qeta matsatsi a mangata ke kula. Hamorao ke ile ka tsoha, ka nna ka phetha mesebetsi eo ke neng ke e abetswe ke kgosi. Pono ena e ile ya mmakatsa, empa ha ho motho ya neng a ka e utlwisisa.


Ha ke utlwa ke ile ka ferekana, ka bebenya melomo ha ke utlwa modumo oo; masapo a ka a qala ho bola, maoto a ka le wona a rerekela. Empa tsatsi la koduwa ke tla le lebella, tsatsi leo ke le lebelle ka mamello, hore le tjhabele tjhaba se re futuhetseng.


Pelepele, ho eso be le Molao, ke ne ke ikutlwa ke phela, empa ha taelo e se e le teng, sebe sa qala ho phela,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos