Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:3 - BIBELE

3 Morena o bua tjena: Ahlolelang batho ka toka le ka nepo, le namolele ya tlatlapuwang matsohong a motlatlapi wa hae. Le se ke la etsa moditjhaba, kgutsana kapa mohlolohadi hampe, kapa la ba hlokofatsa, leha e le ho tsholla madi a se nang molato sebakeng sena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ho itswe ke Jehova: Etsang kahlolo le ho loka, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, le se ke la tsohela moditjhaba le kgutsana le mosadi wa mohlolohadi matla; le se ke la ba etsa hampe, le se ke la tsholla madi a se nang molato nqalong ena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:3
49 Referencias Cruzadas  

Modimo wa Iseraele a bua, Lefika la Iseraele la mpuisa: ‘Ya busang batho ka toka, ya busang ka ho tshaba Modimo,


Hape e ne e le ka baka la madi a se nang molato, ao Manase a neng a a tsholle, a etsa hore madi a se nang molato a phalle kahohle Jerusalema; kahoo Morena a sitwa ho mo tshwarela.


Bahlolohadi ba tlohile ho wena ba itlhophere, ha e le kgutsana tsona wa di robokela.


“Kgutsana e hlothwa letsweleng, tsweleng la mma yona, mofutsana o lefa molato ka lesea la hae.


Binelang Modimo, rokang lebitso la hae, lokisang tsela ya ya kaletseng maru. Lebitso la hae ke Morena, nyakallang mahlong a hae.


Lopollang mofokodi le mofutsana, le ba namolele matsohong a ba kgopo.”


Ba ikopanya mmoho ho fedisa bophelo ba ya lokileng, ba ahlolela ya se nang molato lefu.


Ba fenetha mohlolohadi le mojaki, ba bolaya le dikgutsana.


“O se ke wa sotla kapa wa hatella mojaki, hobane le lona le ne le le bajaki naheng ya Egepeta.


“Le se ke la hlekefetsa mohlolohadi, kapa kgutsana.


O se ke wa tlosa mokolokotwane wa kgale, kapa wa hapa masimo a dikgutsana,


Ke mahlo a ikgohomosang, leleme le tletseng thetso, matsoho a tshollang madi, madi a se nang molato;


Babusi ba wona ke mahlabaphiyo, ba fetohile metswalle ya mashodu, kaofela ha bona ba rata tjotjo, kaofela ha bona ba labalabela dimpho. Ha ba ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona ha ba e emele.


“Mokgwa wa ho itima dijo oo ke o kgethileng ke ona: Ke hore o lokolle mahlaahlela a bokgopo, o imolle ba imetsweng ke mejaro ya bona, ba hateletsweng o ba lokolle, mesebetsi yohle ya botlatlapi o e fedise.


Ke hore o abelane dijo le ba lapileng, o amohele baleleri lapeng la hao, ba hlobotseng o ba fe diaparo, bang ka wena o ba thuse.


Ke hobane ba mphuraletse, ba silafaditse sebaka sena, ba tjhesetsa mokubetso ho sona, ba o tjhesetsa medimo esele, eo bona le bo-ntata bona, kapa dikgosi tsa Juda, ba sa kang ba e tseba, mme sebaka sena ba se tlatsa madi a se nang molato.


Oho, lona ba ntlo ya Davida, Morena o bua tjena: “ ‘Ahlolelang batho ka toka hoseng ha letsatsi ka leng, namolelang motlatlapuwa matsohong a motlatlapi, esere kgalefo ya ka ya laima malakabe, ya tuka hoo ho seng ya ka ba e tima, ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona.


“Mahlo a hao le pelo di buswa ke meharo ya hao, di buswa ke ho tsholla madi a se na molato, di buswa ke kgatello le tlhokofatso ya batho.”


Yaba mahosana, mmoho le setjhaba sohle, a re ho baprista le ho baporofeta: “Motho enwa ha a lokele ho ahlolelwa lefu, hobane o buile ho rona ka lebitso la Morena Modimo wa rona!”


Ba a rotoloha, ba be moropotsana, ketso tse kgopo tsa bona ke tse se nang moedi; ha ba ahlole dinyewe ka toka, ha ba buelle dikgutsana dinyeweng, ha ba lwanele tokelo tsa mafutsana.


Empa ke ne ke ba nee molao ona, ka re: Ntlhompheng, ke tla ba Modimo wa lona, mme lona le be setjhaba sa ka. Tsamayang ka ditsela tseo ke le laetseng ho tsamaya ka tsona, le tle le phele hamonate.


empa ya ithorisang a ithorise ka ho re, yena o a nkutlwisisa, o bile o a ntseba; ke nna Morena ya tsebang ho hauhela, ya sebetsang ka toka le ka ho loka lefatsheng, hobane tsena ke tsona tse nthabisang,” ho rialo Morena.


ho sokamisa toka ka makgotleng, na tsee tsohle Morena ha a di bone?


a hatella mafutsana le bahloki, a tlatlapa motho ka mahahapa, a sa buseletse moadimi a mmuseletsa peeletso ya hae, a rapela medingwana ya bohata, a etsa dintho tse manyala;


motho ya eso ka a hatella motho, ya buseleditseng moadimi, a mmuseletsa peeletso ya hae, ya eso tlatlape motho, a mo tlatlapa ka mahahapa, empa a fepa ba lapileng, a ba fepa dijo tsa hae, ba hlobotseng le bona a ba apesa;


Baahi ba hao ba nyedisa bo-ntata bona le bo-mma bona, ba hatella moditjhaba, ba hlorisa kgutsana le mohlolohadi.


“ ‘Morena Modimo o re: Ho lekane lona mahosana a Iseraele! Fedisang dikgoka le kgatello, le etse se lokileng le se nepahetseng. Kgaotsang ho tlatlapa setjhaba sa ka, ho rialo Morena Modimo.


“Egepeta e tla fetoha nanaola, Edomo yona e fetohe lefeella, hobane tjhaba sa Juda se ile sa hlekefetswa, madi a sona a tshollwa a se na molato.


“ ‘O se ke wa ahlola ka leeme. Ha o ahlola o se ke wa sekamela ka ho mofutsana, kapa wa tlotla ya phahameng; o ahlole mohaeno ka toka.


Hloyang bokgopo, le rate tse molemo, ka makgotleng le ahlole ka toka, mohlomong Morena, Morena Modimo wa mabotho, a ka hauhela masalla a Josefa.


Empa toka e ke e phalle, e phalle jwaloka noka, ho loka ho ke ho be jwaloka molatswana, ho ke molatswana o phallang kamehla.


Baetapele ba yona ba ahlolela ba ba neang tjotjo, baprista ba yona ba rutela ho newa moputso, baporofeta ba yona ba porofetela tjhelete; ho le jwalo, ba tshepile Morena, ba re: “Ha re re Morena o teng kahara rona? Ha ho koduwa e ka ba re wela hodimo!”


Wena motho, o boleletswe se molemo; ebe Morena o lebeletse eng ho wena? Ke ho etsa tse lokileng, le ho ba le lerato, le ho ikokobeletsa Modimo wa hao.


“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le ntsha karolo ya leshome ya kwena, tenane le sepaile, feela le tlohetse dintho tsa bohlokwa tsa Molao: Toka, mohau le botshepehi. Le ne le tshwanela ho etsa tsena, feela le sa lebale tseo.


O ahlola kgutsana le mohlolohadi ka toka, o rata mojaki, o a mo fepa, o a mo apesa.


“O se ke wa sotha kahlolo ya moditjhaba kapa ya kgutsana, mme o se ke wa nka seaparo sa mohlolahadi hore se bewe paneng.


“Ha motho a fumanwa a utswa e mong wa bana babo, eo e leng wa bana ba Iseraele, a mo etsa lekgoba, kapa a mo rekisa, leshodu leo le tla bolawa, mme ebe o fedisa jwalo bokgopo hara lona.


“Ha ho ena le tsekisano pakeng tsa banna, ba tla tla lekgotleng la boahlodi, mme baahlodi ba ba ahlolele. Ba tla lokolla ya se nang molato, ba ahlole ya molato.


“ ‘Ho rohakehe ya sokamisang kahlolo ya mojaki, kapa ya kgutsana, kapa ya mohlolohadi!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos