Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 21:10 - BIBELE

10 Ke reretse motse ona bobe e seng botle,’ ho rialo Morena. ‘Motse ona o tla wela matsohong a kgosi ya Babilona, mme yona e tla o tjhesa ka mollo.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane ke emisetsa motse ona sefahleho sa ka ka bobe, e seng ka botle, ho bolela Jehova; o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, hore a tle a o tjhese ka mollo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 21:10
26 Referencias Cruzadas  

Ba tjhesa Tempele ya Morena, ba heletsa marako a Jerusalema, ba tjhesa matlo wohle a matle a kgosi ka mollo, ba senya le thepa yohle ya bohlokwa.


Morena o beile leihlo la hae ho ba lokileng, o sekehetse sello sa bona tsebe.


Empa haeba le sa mmamele, le sa halaletse letsatsi la Sabatha, le kena ka dikgoro tsa motse wa Jerusalema le nkile thoto ka letsatsi la Sabatha, dikgorong tseo tsa Jerusalema ke tla besa mollo o ke keng wa tingwa, o tla tjhesa matlo a dikgosi tsa Jerusalema.’ ”


nna ke tla etsa hore Tempele ena e tshwane le Shilo, motse ona o rohakehe mahlong a ditjhaba tsohle tsa lefatshe.’ ”


e leng Bakalatiya. Empa matlo ao a tla tlala ditopo tsa banna, bao ke tla ba bolaya ha kgalefo ya ka e tlokoma, ke loloma ke bohale, hobane motse ona ke o patetse sefahleho sa ka, ka baka la bokgopo ba bona bohle.


“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Tsamaya o yo bua le Sedekiya, kgosi ya Juda, o mmolelle, o re: Morena o bua tjena: Bona, ke tla neelana ka motse ona matsohong a kgosi ya Babilona, mme e tla o tjhesa ka mollo.


Bonang, ho rialo Morena, ke tla ba laela, ke be ke etse hore ba kgutlele motseng ona. Ba tla o futuhela, ba o hape, ba be ba o tjhese ka mollo. Ke tla etsa hore metse ya Juda e be lehwatata le se nang baahi.”


Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ha o ka fela wa ya ineela ho mahosana a kgosi ya Babilona, o tla phela, le motse ona ha o na ho tjheswa ka mollo. Wena le ba ntlo ya hao le tla phela.


Empa haeba o sa ineele ho mahosana a kgosi ya Babilona, ho tla neelanwa ka motse ona matsohong a Bakalatiya, mme ba tla o tjhesa ka mollo. Wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.’ ”


“Basadi ba hao bohle le bana ba hao, ba tla newa Bakalatiya. Wena ha o ka ke wa phonyoha matsohong a bona, o tla thopuwa ke kgosi ya Babilona. Ke baka la hao motse ona o tla tjheswa ka mollo.”


Morena o bua tjena: ‘Ruri motse ona ho tla neelanwa ka wona matsohong a mabotho a kgosi ya Babilona, mme a tla o hapa.’ ”


“Tsamaya, o yo bua le Ebede-Meleke wa Mokushe, o re ho yena: ‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bona, ke tla phethahatsa lentswe la ka malebana le motse ona. Ke tla o dihela koduwa, e seng katleho. Tsena di tla phethahatswa moo o ntseng o bona.


Bakalatiya ba tjhesa ntlo ya kgosi le matlo wohle a setjhaba ka mollo, ba heletsa le marako a Jerusalema.


“Ka baka lena, Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Tsebang hore ke rerile ho le tlisetsa koduwa le ho timetsa Juda yohle.


Bonang, ho ba hlokomela ha ka, e tla ba ho ba tlisetsang bobe, e seng botle. Banna bohle ba morabe wa Juda, ba leng naheng ena ya Egepeta, ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto, ho fihlela ba felella bohle.


Nebusaradane a tjhesa Tempele ya Morena, le ntlo ya kgosi, le matlo wohle a Jerusalema, le matlo wohle a banna ba mabitso.


Ke tla ba tiisetsa sefahleho, ke ba lwantshe; ba tla phonyoha mollong wa pele, wa bobedi wona o ba tjhese, o ba timetse; kahoo le tla tseba hoba ke nna Morena, ha ke ba tiisetsa sefahleho, ke ba lwantsha.


Bea pitsa e feela hodima mashala, e be e tjhese, those la yona le tlerefale, ditshila tsa yona di qhibidihe kahare, mafoome a yona a tjheswe ke mollo.


“ ‘Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya jang bobete ba mofuta ofe kapa ofe, ke tla mo halefela. Motho eo ya jang bobete ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo.


Ke tla le halefela, mme le tla bolaelwa moo dira tsa lona di le bonang. Ba le hloileng ba tla le busa, mme le tla baleha ho se ya le lelekisang.


Naha ya Juda ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Jerusalema ke a timetse.”


Leha dira tsa bona di ka ba thopa, ke tla laela hore ba bolaelwe moo, ba bolaelwe hona moo ka sabole. Ke rerile hore ke ba timetse, e seng hore ke ba thusetse.”


Ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta, Modimo o ile a nea baholoholo ba lona melao le ditaelo, empa ba se ke ba mamela, yaba Modimo o a ba otla. “Jwale ba baka, ba re: ‘Morena wa mabotho o ne a rerile ho re otla ka baka la metsamao ya rona le diketso tsa rona, mme o fela a phethile jwalo.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos