Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 20:8 - BIBELE

8 Kamehla ha ke bua ke ye ke howe, ke meketse, ke re: “Moferefere le timelo!” Ka dinako tsohle ke a songwa, ke a nyatsuwa, ka baka la ho bolela lentswe la Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hobane kamehla ha ke bua, ke ye ke howe, ke howeletse batho bothata le tshenyo; ka baka leo, lentswe la Jehova le mphetohetse sekgobo le sesomo ka tsatsi le leng le le leng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 20:8
26 Referencias Cruzadas  

Ho tloha moo Elisha a nyolohela Bethele. Ha a ntse a nyoloha ka tsela, bashanyana ba tswang motseng ba mo soma, ba re ho yena: “Nyoloha, ralefatla towe! Nyoloha, ralefatla towe!”


Empa ba soma maqosa ao a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa hae, ba bapala ka baporofeta ba hae, ho fihlela kgalefo ya Morena e ba tlokomela hoo ho neng ho se ho se pheko.


Eo le mo somang ke mang? Eo le mo nyekoletsang melomo, maleme a leketlile, ke mang? Na hase lona bana ba mahlabaphiyo, lona bana ba batho ba leshano?


Ke madimabe hakaakang, mme, ha o ila wa mpeleha, wa mpelehela hore ke be motho wa diqabang, motho wa meferefere hara lefatshe lohle! Ha ke a ka ka adima kapa ka adimana, empa e mong le e mong o a nthohaka.


“O a tseba, wena Morena, ako nkgopole, o ke o nketele, ako mphetetse ho batubi ba ka; kaha o na le mamello, se ke wa ntimetsa, hopola ke hlapaolwa ka lebaka la hao.


Empa haeba le sa mmamele, le sa halaletse letsatsi la Sabatha, le kena ka dikgoro tsa motse wa Jerusalema le nkile thoto ka letsatsi la Sabatha, dikgorong tseo tsa Jerusalema ke tla besa mollo o ke keng wa tingwa, o tla tjhesa matlo a dikgosi tsa Jerusalema.’ ”


Morena, o ile wa nthetsa, ka thetseha, wena o matla ho mpheta, mme o ntlhotse. Tsatsi lohle ba ntlepa ditsheho, motho ka mong o nnyekoletsa melomo.


Ho tloha mehleng ya kgale baporofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, ba nnile ba porofetela dinaha tse ngata le mebuso e matla, ba porofeta ntwa le koduwa le lefu la sewa.


“Nyolosang, le theose diterata, terata tsa Jerusalema; le qamake kahohle le hlokomele, le batlisise le mabaleng a motse; ha le ka fumana motho leha a le mong, motho ya etsang toka, ya batlang nnete, motse wa Jerusalema ke tla o tshwarela.


Kahoo tau tsa meru di tla ba bolaya, phiri tsa lehwatata di ba harolake, mangau a solle hara metse ya bona. Bohle ba tswelang kantle ba tla tsekollwa, hobane dibe tsa bona di ngatangata, bokwenehi ba bona bo feta tekanyo.


“Nka buisana le mang ka mo eletsa? Ke mang ya tla ke a mmamele? Tsebe tsa bona ke tsa leshoma, kahoo ha ba ka ke ba utlwa. Ntswe la Morena ba a le nyedisa, thabo ha ba e fumane ho lona.


Na le tla utswa, le bolaye, le febe, le hlapanye ka leshano, le tjhesetse Baale mokubetso, le kgumamele medimo esele, eo le sa e tsebeng;


O etsetsang hore ke bone mahlomola, ke bone tshenyeho, le dikgoka ke di bone? Kahohle ke dintwa le ditsekisano feela.


E mong wa Ditsebi tsa Molao a mo araba, a re: “Moruti, ha o rialo, le rona o a re hlapaola.”


A nka sekgobo sa Kreste e le leruo le fetang menono ya Baegepeta, hobane o ne a shebile moputso.


Kahoo a re mo kgahlanyetseng kantle ho diahelo, re ntse re jere sekgobo sa hae.


Ha le hlapaolwa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo, hobane Moya o tlotlehang, Moya wa Modimo, o ho lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos