Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 20:11 - BIBELE

11 Empa Morena o na le nna, o matla, o a tshabeha, kahoo bahlorisi ba ka ba tla kgothometseha. Ha ba ka ke ba ba ba hlola, ba tla hlajwa ke dihlong haholo, merero ya bona e ke ke be ya atleha, le dihlong tsa bona di ke ke be tsa lebalwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Empa Jehova o ho nna jwaloka senatla se tshabehang; ka baka leo, ba ntlhorisang ba tla kgoptjwa, ba ke se ke ba hlola letho; ba tla hlabiswa dihlong ka ho fetisa, ke hobane ba fositse, e tle e be dihlong tse sa feleng, tse se nang ho lebalwa.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 20:11
25 Referencias Cruzadas  

haesale ba ntshwenya haholo ho tloha botjheng ba ka, empa ha ba a ka ba ntlhola.


Bao ba thabelang bobe ho nna ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ferekane mmoho; bao ba iphahamisetsang nna ba ke ba aparelwe ke dihlong, ba tlontlolohe.


Ako kgahlwe ho nnamolela, Morena; Morena, phakisa o nthuse.


Lona ditjhaba tsohle, opang mahofi; faphang Modimo ka mehoo ya thabo.


Morena o utlwile kopo ya ka, Morena o amohetse thapelo ya ka.


Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, wa mo amohela, hore a tle a ahe mabaleng a hao. Re tla kgora tse molemo tsa Ntlo ya hao, tse halalelang tsa Tempele ya hao.


Tloong, le bohe mesebetsi ya Modimo: O a tshabeha diketsong tsa hae, ketsong tsa hae ho bana ba batho.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.


“O se ke wa tshaba, wena Jakobo, sebokonyana, wena Iseraele wa motwantwanyane; ke nna ya tla o thusa,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele.


Bohle ba etsang medimo ya bohata ba tla hlajwa ke dihlong, ba tlontlolohe, ba ferekane kaofela ha bona.


Bona, kajeno ke o etsa qhobosheane, tshiya ya tshepe le lerako la lethose, hore o eme senna kapela naha yohle, kapela dikgosi le kgosana tsa Juda, kapela baprista le baahi ba Juda.


ba tla o tsohela matla, ba o lwantshe, empa ho o hlola ba ke ke be ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela,” ho rialo Morena.


O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena, mme ke tla o pholosa,” ha rialo Morena.


“O a tseba, wena Morena, ako nkgopole, o ke o nketele, ako mphetetse ho batubi ba ka; kaha o na le mamello, se ke wa ntimetsa, hopola ke hlapaolwa ka lebaka la hao.


Ke tla o etsa lerako le haheleditsweng la lethose, tjhaba sena o tlo tsebe ho se hlola. Se tla o lwantsha, empa se ke ke be sa o hlola, hoba ke na le wena ho o pholosa le ho o lopolla,” ho rialo Morena.


Bahlorisi ba ka ba ke ba hlabiswe dihlong, nna ke se ke ka hlabiswa dihlong; etsa hore bona ba tshohe haholo, nna ke se ke be ka tshoswa ke letho. Ako ba tlisetse tsatsi la ditlokotsi, timetso ya bona o e phethahatse habedi.


Moya o tla fefola badisa ba hao bohle, baratuwa ba hao bohle ba tla thopuwa. Ruri o tla hlajwa ke dihlong, o tlontlolohe, o tsielehe ka baka la bokgopo ba hao bohle.


Ke tla le swabisa kamehla yohle, ke le hlabise dihlong, tse ke keng tsa lebalwa kamehla yohle.”


O bontshitse lerato ho batho ba diketekete, empa o otla bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona. O Modimo e moholo, ya matla, Morena wa mabotho; leo ke lona lebitso la hao.


Ba bangata ba seng ba shwele ba tla boela ba tsoha: Ba bang ba tsohele bophelo ba kamehla yohle, ba bang ba tsohele hore ba hlajwe ke dihlong, ba nyedisehe kamehla yohle.


Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?


Empa Morena o ile a ba le nna, a mmatlafatsa, hore ke tle ke phatlalatse molaetsa o molemo ka ho tlala, baditjhaba bohle ba tle ba o utlwe. Ka lopollwa tleneng tsa tau.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos