Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 2:19 - BIBELE

19 Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O tla kgalemelwa ke bolotsana ba hao, o otlwe ke kweneho ya hao; o tla tseba, mme o bone hoba ho hloboha Jehova, Modimo wa hao, le ho se mo tshabe ke ntho e mpe, e babang: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 2:19
40 Referencias Cruzadas  

Elia a mo araba, a re: “Ha ke eso hlorise Iseraele, empa ke wena le ba lelapa leno ba hlorisang Iseraele, hobane le furaletse melao ya Morena, mme wena o sebeletsa bo-Baale.


Yaba moporofeta Shemaya o fihla ho Rehoboame, le ho mahosana a Juda, a neng a kgobokane Jerusalema ka baka la ho tshaba Shishake, mme a re ho bona: “Morena o bua tjena: ‘Le mphuraletse, ka baka leo, le nna ke tla neelana ka lona matsohong a Shishake.’ ”


Haesale Baedomo ba itokolla pusong ya setjhaba sa Juda, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Ka yona nako eo, motse wa Lebena le wona wa fetohela Juda, hobane Jehorame a ne a ile a furalla Morena Modimo wa bo-ntatae.


Yare ha moporofeta a ntse a bua le Amasiya, kgosi Amasiya a re ho yena: “Ke ho tloha neng re o kgethileng ho ba moeletsi wa kgosi? Kgutsa, esere ka o bolaya!” Yaba moporofeta o a kgutsa, a nto re: “Ke a tseba hore Modimo o rerile ho o timetsa, hobane o entse hona, mme ha o a ka wa mamela keletso ya ka.”


Pesalema ya Davida, mohlanka wa Morena, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Ka baka leo, bana ba Iseraele ha ba a ka ba hlola ba rwala mekgabiso ya bona, ho qala ha ba le thabeng ya Horebe.


kahoo ba tla kotula seo ba se jetseng, ba kgore ditholwana tsa ditakatso tsa bona.


Ba se nang tsebo ba a bolawa ke ho kgeloha ha bona, dithoto tsona di a timela, di timetswe ke ho se tsotelle ha tsona.


Motho ya kgopo o tshwaswa ke makgopo a hae, dikgwele tsa dibe tsa hae di mo kgatele ruri.


Fahleho tsa tsona di a di qosa, di ipoletse sebe sa tsona jwaloka Sodoma, le ho se pata di sitwa ho se pata. Di madimabe hakaakang! Koduwa ena di imemetse yona!


Ke tla le bolella seo ke tla se etsa, ke se etse tshimong ya ka ya morara: Motero wa yona ke tla o tlosa e fetohe lekgulo, mabota a yona ke a heletse, a hatakelwe ka maoto.


Morena o bua tjena: “Le kae lengolo leo ke hladileng mmao ka lona, leo ke neng ke mo leleke ka lona? Ke o rekisitse ho mang, ho lefa molato wa ka? Le ile la rekiswa ka baka la bokgopo ba lona, mma lona a lelekwa ka baka la ditshito tsa lona.


Tjhaba seo sa ka ke tla se ahlola, ke se ahlolele bokgopo ba ho mphuralla, ba ho etsa mahlabelo, ho a etsetsa medimo esele, ho kgumamela medimo e entsweng ka matsoho a sona.


Ha o ka ipotsa ka pelong ya hao, wa re: “Ke ka baka lang ha tsee di ntlhahetse?” Ka baka la dibe tsa hao tse ngatangata, mese ya hao e ila apolelwa hodimo, mmele wa hao wa sala o le feela.


Na hase wena ya ipileditseng hoo ka ho furalla Morena, Modimo wa hao, nakong ya ha a ne a o tsamaisa tseleng?


“Kgutlang lona bana ba bakwenehi! Bokwenehi boo ba lona ke tla bo phekola!” “Bona, ke rona bana, re tla ho wena, hobane o Morena, Modimo wa rona.


“Boitshwaro ba hao le diketso tsa hao ke tsona tse tlisitseng tsena, tsa di tlisa ho wena; bona ke bona bokgopo ba hao. Bona kamoo bo babang kateng! Kamoo bo o kenang pelong kateng!”


Na ha le ntshabe?” ho rialo Morena. “Ha le thothomele keng ha le le kapele ho nna? Nna ya etseditseng lewatle moedi, ka o etsa ka lehlabathe, moedi o sa tloheng, oo le ke keng la o tlola? Maqhubu a ka tsudubutlana, a ka ke be a o tlosa! A ka kwasa a ratile, a ke ke be a o tlola!


Ha se sa bua le ka dipelo, sa re: ‘A re tshabeng Morena, Modimo wa rona, ya re nesetsang dipula tsa hwetla, le mafafatsane a selemo ka nako ya teng; ya sa keng a lebala ho re tlisetsa dinako tse sa fetoheng, nako tsa ho kotula.’


Kahoo tau tsa meru di tla ba bolaya, phiri tsa lehwatata di ba harolake, mangau a solle hara metse ya bona. Bohle ba tswelang kantle ba tla tsekollwa, hobane dibe tsa bona di ngatangata, bokwenehi ba bona bo feta tekanyo.


Empa na ba utlwisa nna bohloko? ho rialo Morena. Na hase bona ba ikutlwisang bohloko, ba tla hlajwa ke dihlong?


Ke ka baka lang ha tjhaba see se kgelohile? Keng ha baahi ba Jerusalema ba kgeloha kamehla? Ba kgomaretse leshano, ba hana ho kgutla mekgweng ya bona.


ke tsona tse o dihetseng, hobane o ile wa tjhatjhehela baditjhaba, wa itshilafatsa ka medingwana ya bona ya bohata.


Ke ile ka ba otla ho ya ka ditshila tsa bona le ditlolo tsa bona, mme ka ba patela sefahleho sa ka.


Tjhaba sa ka se itheretse ho mphuralla; leha se ka ipiletsa ho Ya Hodimodimo, ha a ka ke a ba a se hlomamisa hape.


“Wena Iseraele, ke tla o timetsa! Ebe ke mang ya ka tsebang ho o thusetsa?


Wena Iseraele, kgutlela ho Morena, Morena Modimo wa hao, hobane o wele ka baka la bokgopo ba hao.


Baiseraele ba manganga sa kgomo ya sethole, na ebe Morena a ka ba alosa, a ba katla sa dikonyana phuleng?


Boikgohomoso ba Iseraele bo a mo ahlola, Iseraele le Efraime ba tla kgothometseha, ba be ba we ka baka la bokgopo ba bona, Juda le yena a we le bona.


Kelellong tsa bona ha ba hlokomele hore ke hopola bokgopo ba bona. Kahohle dibe tsa bona di ba dikile, mme di pontsheng ya ka kamehla.”


Se ke wa nyakalla, wena Iseraele! Se ke wa thaba jwaloka ditjhaba tse ding! O entse bootswa ka ho furalla Modimo wa hao, o hloma eka moputso wa bootswa ba hao ke mabele a polwang, a polwang seotlong ka seng.


Mekete ya lona e kgethehileng ke tla e fetola, ke e fetole, ke e etse ya bofifi, le dipina tsa lona tsohle e be kodi-ya-malla. Bohle ke tla ba apesa, ke ba apese tse mahwashe, ke ba kute, ke ba beole lekorana. Nako eo e tla ka ya ho lla, ho llela mora ya inotshi, qetello ya yona e ke tsatsi la mahlomola.


Tsena tsohle di bakilwe ke dibe tsa Jakobo, di bakilwe ke dibe tsa ntlo ya Iseraele. Dibe tsa Jakobo di bakilwe ke mang? Di bakilwe ke baahi ba Samaria. Ho kgumamela medingwana ho bakilwe ke mang Judea? ho bakilwe ke baahi ba Jerusalema.


“Empa setjhaba se ile sa hana ho mmamela; sa eba manganga; sa ithiba ditsebe.


Ho tshaba Modimo, ha ho yo ho bona.”


Empa le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele; ka baka leo, ha ke sa tla hlola ke le namolela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos