Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 19:1 - BIBELE

1 Morena o bua tjena: “Tsamaya, o yo reka nkgo ya letsopa. O tsamaye le ba bang ba baholo ba setjhaba, le ba bang ba baprista ba seng ba hodile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ho itswe ke Jehova: Eya, o ithekele pitsa ya letsopa ho mmopi, o ye le baholo ba bang ba setjhaba le baholo ba baprista;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 19:1
20 Referencias Cruzadas  

Yaba o roma Eliakime, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la hae, le Shebena, eo e neng e le mongodi. Le baprista ba baholo, ba apere tse mahwashe. A ba roma ho moporofeta Esaya, mora wa Amose.


O tla le thuakanya sa pitsa ya letsopa e pshatleha makumane, a thuakanye a sa qenehele letho, hoo ho ke keng ha sala le lengetana la ho okga mollo, kapa lona la ho kga metsi, ho a kga ka sedibeng.”


Morena o ile a bua tjena ho nna: “Tsamaya o yo ithekela senyepa se entsweng ka lesela la lene, o itlame ka sona thekeng, empa o se ke wa se hlatswa.”


Jwale ba bang ba baholo ba naha eo ba ema, ba bua le setjhaba sohle se phuthehileng, ba re:


‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Nka mangolo ana a mabedi a theko, e leng le tiisitsweng le le sa kwalwang, o a boloke ka nkgong ya letsopa, hore a tle a bolokehe nako e telele.


Bara ba Sione, mokgetho o kgabane, bara bao bohlokwa ba bona e ne e ka ba kgauta, kajeno ba tshwana le pitsa tsa letsopa, ntho tse entsweng ke matsoho a sebopi!


“Wena ngwana motho, nka letlapa o le bee kapele ho wena, o etse setshwantsho sa motse wa Jerusalema hodima lona.


“Wena ngwana motho, nka sabole e bohale, o e sebedise e le lehare, o ipeole hlooho le ditedu. O nke sekala, ebe o bea moriri wa hao hodima sona ka dihlopha tse tharo.


Le ba bolaye kaofela: Maqheku le bahlankana le barwetsana le basadi le bana, empa bohle ba tshwailweng le se ke la atamela pela bona. Le hle le qale ka Sehalalelong sa ka.” Yaba ba qala ka baholo ba neng ba le kapele ho Tempele.


Morena a re ho Moshe: “Ntlisetse banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba setjhaba sa Iseraele, bao o tsebang hore ke baholo le baokamedi ba setjhaba sa Iseraele. O ba tlise ka Tenteng ya Morena, ba eme teng hammoho le wena.


Jwale baprista ba baholo le setjhaba ba phuthehela ha Moprista e Moholo ya bitswang Kaiafa,


E sa le kameso, baprista le baholo bohle ba setjhaba ba rera ho bolaya Jesu.


A tla ho rona, a nka leqhama la Paulosi, a itlama maoto le matsoho ka lona, a re: “Moya o Halalelang o bolela tsena: ‘Bajuda ba tla tlama monga leqhama lena, tjena, kwana Jerusalema, ba neelane ka yena matsohong a baditjhaba.’ ”


Empa rona re ka dipitsa tsa letsopa tse tshetseng letlotlo lena, hore matla ao a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos