Jeremia 18:10 - BIBELE10 Empa haeba setjhaba seo se etsa bokgopo mahlong a ka, se sa mamele lentswe la ka, ke tla fetola maikutlo a ka malebana le molemo oo ke neng ke rerile ho se etsetsa wona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)10 ha se ka etsa bobe pela ka, sa hana le ho utlwa lentswe la ka, le nna ke tla kgutla molemong oo ke neng ke boletse hore ke tla o etsetsa sona. Ver Capítulo |
“Empa ha motho ya lokileng a furalla ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, a etsa dintho tse manyala, tse etsweng ke motho ya kgopo, na motho eo o tla phela? Dintho tsohle tse lokileng tseo a di entseng ha di sa tla bolelwa. O tla shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a sitilweng ka tsona, le ka baka la dibe tsa hae, tseo a di entseng.