Jeremia 17:6 - BIBELE6 O tla tshwana le sehlahla se metseng hara lehwatata, ha a ka ke a bona le tse molemo ha di etla. O tla aha matswatlareng a omeletseng a lehwatata, a ahe naheng e lenyekethe, e hlokang baahi. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)6 O jwaloka ya itlhophereng nahathothe, a sa bone hobane ho fihla molemo; o ahile dibakeng tse tshehla, lefatsheng le lebu, le sa ahuwang. Ver Capítulo |
Ka baka leo, ke a hlapanya,” ho rialo Morena wa mabotho, Morena Modimo wa Iseraele. “Moabe e tla ba jwaloka Sodoma, Amone yona e be jwaloka Gomora, naha e tletseng bobatsi le matjheko a letswai, naha e fetohileng nanaola ya mehla yohle. Masalla a tjhaba sa ka a tla e lobela, ba phonyohileng ba tjhaba sa ka ba e hape.