Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 17:21 - BIBELE

21 Morena o bua tjena: Haeba le rata ho phela, itlhokomeleng, le se ke la nka thoto ka letsatsi la Sabatha, kapa la e kenya ka dikgoro tsa Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ho itswe ke Jehova: Itebelleng meya ya lona, le se ke la jara diphahlo ka tsatsi la Sabatha, le se ke la di tsamaisa ka menyako ya Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 17:21
18 Referencias Cruzadas  

“Hlokomela letsatsi la Sabatha, o le halaletse.


Baballa pelo ya hao, e baballe ho feta tsohle, hobane ke yona diba sa bophelo.


Ho lehlohonolo motho ya etsang tsena, ho lehlohonolo motho ya di kgomarelang, ya bolokang Sabatha, ya sa se silafetseng, eo tsoho la hae le sa etseng tse mpe.


“Haeba o sa nke maeto ka tsatsi la Sabatha, o sa phethe merero ya hao ka tsatsi la ka le halalelang; haeba o bitsa Sabatha letsatsi la thabo, o re ke la Morena le halalelang, le hlomphehang; haeba o le hlompha ka ho se etse mesebetsi ya hao, o sa phethe merero ya hao, o sa bue mafeela;


A boela a re ho bona: “Hlokomelang seo le se utlwang. Tekanyo eo le lekanyang ka yona le tla lekanyetswa ka yona, mme le be le ekeletswe,


Ha ho le jwalo, hlokomelang kamoo le utlwang kateng, hobane mang le mang ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a hopolang hore o na le sona.”


Itlhokomeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, hore le alose kereke ya Modimo, eo a iphumanetseng yona ka madi a Mora wa hae.


Itlhokomeleng, esere dipelo tsa lona tsa thetseha, la kgeloha, la sebeletsa medimo e meng, mme la e kgumamela.


“Ka baka leo, itlhokomeleng, hobane mohla Morena a buang ho lona a le kahara mollo, thabeng ya Horebe, ha le a ka la bona ya buang.


Itlhokomeleng, esere la lebala selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a se entseng le lona, yaba le iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se nang le sebopeho sa ntho efe kapa efe, eo Morena Modimo wa lona, a le hanetseng yona.


“Feela le itlhokomele, le be hlokolosi, esere la lebala dintho tseo le di bonang ka mahlo a lona, kapa tsa hlakoha dipelong tsa lona ka matsatsi wohle a bophelo ba lona. Empa lona le di tsebise bana ba lona, le ditloholo tsa lona.


Ka baka leo, itlhokomeleng, le rate Morena Modimo wa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos